Ho Baefese 4:1-32

  • Mmele wa Kreste o momahane (1-16)

    • Banna ke dimpho (8)

  • Botho ba kgale le botho bo botjha (17-32)

4  Nna Pauluse ya kentsweng teronkong+ hobane ke le molatedi wa Morena, ke le kopa hore le itshware ka tsela e bontshang hore le tshwanelwa+ ke hore ebe Modimo o le kgethile.*  Le dule le ikokobeditse,+ le le bonolo ebile le ena le mamello.+ Le bontshe hore le a ratana+ ka hore le se ke la fellana pelo.  Ka ha le kopantswe ke moya o halalelang, le sebetse ka thata hore le dule le momahane ka hore le be le kgotso.+  Ho na le mmele o le mong+ le moya o le mong+ feela jwalo ka ha ho ena le tshepo e le nngwe+ eo le e kgethetsweng.*  Morena o mong,+ tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe.  Modimo eo e leng Ntate wa batho bohle o mong. O okametse bohle, o sebedisa bohle le matla a hae a sebetsa ka ditsela tsohle.  Modimo o ile a ba mosa* ho e mong le e mong wa rona mme Kreste ke yena ya re fileng mpho eo.+  Mangolo a re: “Ha a nyolohela hodimo o ile a nka batshwaruwa. A fana ka dimpho e leng banna.”+  Polelo e reng “a nyolohela hodimo,” e bolela hore o ne a kile a theohela lefatsheng. 10  Motho ya ileng a theohela tlase ke yena ya ileng a nyolohela+ hodimodimo lehodimong+ e le hore dintho tsohle di ka phethahatswa ka yena. 11  Hara dimpho tseo a faneng ka tsona, ho na le baapostola,+ baprofeta,+ baevangedi,*+ badisa le mesuwe.+ 12  O fane ka bona e le hore ba thuse* badumedi* ho tsamaya tseleng e nepahetseng, hore ba sebeletse batho ba bang le hore ba hahe mmele wa Kreste.*+ 13  Ba tla etsa jwalo ho fihlela kaofela re dumela ntho e le nngwe ebile re tseba Mora wa Modimo ka tsela e nepahetseng. Ka tsela eo, re tla ba batho ba hodileng+ ka ditsela tsohle jwalo ka Kreste. 14  Ka hoo, re se ke ra hlola re eba bana yaba re iswa kwana le kwana jwalo ka sekepe se kgannwang ke maqhubu le se fefolwang ke moya, ka hore re dumele thuto e nngwe le e nngwe ya bohata+ e rutwang ke batho ba bolotsana kapa re mamele batho ba qhekellang ba bang ka maqiti a bona. 15  Re lokela ho bua nnete re be re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla kgona ho hola ka ditsela tsohle, re phele jwalo ka Kreste eo e leng hlooho ya rona.+ 16  Re tshwana le ditho tsa mmele wa motho.+ Ditho tseo kaofela di kopanngwa hantle ka Kreste mme di thusa mmele ho sebetsa hantle. Ha setho se seng le se seng se etsa mosebetsi wa sona, mmele o hola hantle mme kaofela re tla ratana.+ 17  Ke bua le lona ebile ke le kopa ka lebitso la Morena hore le se ke la hlola le etsisa batho ba ditjhaba+ hobane ba phela feela ho ya ka menahano ya bona e se nang thuso.+ 18  Dikelello tsa bona di lefifing, ba suthetse hole le bophelo bo tswang ho Modimo hobane ha ba batle ho tseba Modimo ebile ba ithatafaditse dipelo. 19  Ka ha ha ba sa na mekgwa ho hang, ba ineheletse boitshwaro bo bobe boo ba bo etsang ba sa swabe,*+ ba tlwaetse ho etsa ntho e nngwe le e nngwe e ditshila ka meharo. 20  Ha le a ka la tseba Kreste e le motho ya jwalo 21  hobane le mo utlwile la ba la rutwa ke yena ka ha o ne a ruta nnete. 22  Le ile la rutwa ho lahla botho ba kgale*+ bo dumellanang le tsela eo le neng le itshwara ka yona pele. Botho boo ba lona ba kgale bo bodile hobane le ne le kgeloswa ke ditakatso tsa lona.+ 23  Le nne le ntjhafatse tsela eo le nahanang ka yona.*+ 24  Le apare botho bo botjha+ boo Modimo a bo entseng ho ya ka thato ya hae. Botho boo bo lokile ebile bo a tshepahala. 25  Ka ha jwale le tlohetse leshano, le bolellane nnete+ hobane le ditho tsa mmele o le mong.+ 26  Halefang empa le se ke la etsa sebe.+ Letsatsi le se ke la dikela le ntse le halefile,+ 27  le se ke la fa Diabolose monyetla.+ 28  Ya utswang a se ke a hlola a utswa empa a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o motle ka matsoho a hae+ e le hore a be le ho hong hoo a ka ho fang motho ya hlokang.+ 29  Le se ke la bua mantswe a bodileng+ empa le bue dintho tse molemo tse tla haha batho ba di mametseng neng kapa neng ha ho hlokahala.+ 30  Le se ke la utlwisa moya o halalelang wa Modimo bohloko.*+ Modimo o le tshwaile ka moya oo+ e le hore le lopollwe ka tefo ya topollo ha letsatsi la topollo le fihla.+ 31  Lehloyo,+ bohale, ho etsa lerata le halefile le dipuo tse hlabang+ ha mmoho le dintho tsohle tse mpe di se ke tsa eba teng hara lona.+ 32  Empa le bontshane mosa, le be le qenehelo+ le be le tshwarelane ka bolokolohi feela jwalo ka ha Modimo le yena a le tshwaretse ka bolokolohi ka Kreste.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bitsitse.”
Kapa: “bitseditsweng.”
Kapa: “baboledi ba ditaba tse monate.”
Kapa: “kwetlise.”
Ka Segerike: “bahalaledi.”
E leng phutheho.
Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentswe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ho tlohela mekgwa ya kgale.”
Kapa: “boikutlo bo laolang dikelello tsa lona.”
Kapa: “swabisa moya o halalelang.”