Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 2

Tshepahalla Molekane wa Hao

Tshepahalla Molekane wa Hao

“Seo Modimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e ba le motho ya se arolang.”—Mareka 10:9

Jehova o batla hore re “rate botshepehi.” (Mikea 6:8, NW) Sena ke sa bohlokwa haholo lenyalong hobane ha botshepehi bo le siyo, banyalani ba ka qabana. Botshepehi ke ba bohlokwa haholo hore lerato le hole.

Kajeno, botshepehi lenyalong bo a hlaselwa. Hore o sireletse lenyalo la hao, o lokela ho ikemisetsa ho etsa dintho tse pedi.

1 NKA LENYALO LA HAO E LE LA BOHLOKWAHADI

SEO BIBELE E SE BUANG: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.” (Bafilipi 1:10) Lenyalo la hao ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong. O lokela ho le nka e le la bohlokwahadi.

Jehova o batla hore o tsepamise kelello ho molekane wa hao mme o ‘thabele bophelo’ hammoho le yena. (Moeklesia 9:9) O bolela ka ho hlakileng hore le ka mohla o se ke wa hlokomoloha molekane wa hao, empa ho e na le hoo, ka bobedi le lokela ho batla ditsela tsa ho thabisana. (1 Bakorinthe 10:24) Etsa hore molekane wa hao a ikutlwe e le wa bohlokwa e bile a ananelwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa bonnete ba hore kamehla le qeta nako le le hammoho, o mo mamele ka ho feletseng ha le bua

  • O se ke wa nahana ka wena feela

2 SIRELETSA PELO YA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “E mong le e mong ya ntseng a tswela pele ho sheba mosadi e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le yena ka pelong ya hae.” (Matheu 5:28) Haeba motho a dula a nahana ka dintho tsa boitshwaro bo bobe, ka kutlwisiso e itseng, ha a tshepahale ho molekane wa hae.

Jehova o re o lokela ho ‘sireletsa pelo ya hao.’ (Liproverbia 4:23; Jeremia 17:9) Hore o etse seo, o lokela ho lebela mahlo a hao. (Matheu 5:29, 30) Latela mohlala wa mopatriareka Jobo, ya ileng a etsa selekane le mahlo a hae hore a ke ke a tadima mosadi ka ho mo lakatsa. (Jobo 31:1) Ikemisetse hore le ka mohla o se ke wa sheba ditshwantsho tse ditshila tse tsosang takatso. Hape o etse qeto e tiileng ya ho qoba ho ba le maikutlo a lerato ho motho e mong, ha e se molekane wa hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa hore ba bang ba hlakelwe hore o ikemiseditse ka botlalo ho tshepahala ho molekane wa hao

  • Nahanela maikutlo a molekane wa hao mme hanghang o kgaole setswalle le motho leha e le ofe haeba molekane wa hao a sa kgotsofalle seo