Diproverbia 14:1-35

  • Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae (10)

  • Tsela e bonahalang eka e lokile e ka lebisa lefung (12)

  • Ya se nang tsebo o dumela lentswe le leng le le leng (15)

  • Metswalle ya morui e mengata (20)

  • Pelo e nang le kgotso e phedisa mmele wa motho (30)

14  Mosadi ya bohlale e le ka nnete o haha ntlo ya hae+Empa wa lewatla o e heletsa ka matsoho a hae.   Motho ya ditsela di lokileng o hlompha* JehovaEmpa ya ditsela di kgopo* o hloile Modimo.   Dipuo tsa boikgohomoso tsa lewatla di tshwana le molamuEmpa dipuo tsa ba bohlale di tla ba sireletsa.*   Moo ho se nang dikgomo sejelo se hlwekileEmpa matla a poho a etsa hore ho be le dijo tse ngata.   Paki e tshepahalang e ke ke ya bua leshanoEmpa paki ya bohata e bua leshano feela.+   Motho ya ikgohomosang o batla bohlale empa ha a bo fumaneEmpa tsebo e itlela ha bonolo ho motho ya nang le kutlwisiso.+   Suthela hole le motho ya hlokang kelelloHobane o ke ke wa fumana tsebo ho yena.*+   Ka lebaka la bohlale, ya masene o tseba moo a yangEmpa lewatla le thetswa ke* ho hloka kelello ha lona.+   Mawatla a tsheha diphoso tsa ona*+Empa ba lokileng ba ikemiseditse ho boelana.* 10  Motho o tseba bohloko ba pelo ya haeEbile ha ho ya ka utlwisisang thabo e ka pelong ya motho. 11  Ntlo ya batho ba kgopo e tla fediswa+Empa ntlo* ya ba lokileng e tla atleha. 12  Ho na le tsela e bonahalang eka e lokile ho motho+Empa qetellong e lebisa lefung.+ 13  Le ha motho a ntse a tsheha, e ka nna yaba pelo ya hae e bohloko. Le thabo e ka fetoha maswabi. 14  Ya pelo e mpe o tla kotula ditholwana tsa ditsela tsa hae+Empa motho ya lokileng o tla fumana moputso wa mesebetsi ya hae.+ 15  Ya se nang tsebo* o dumela lentswe le leng le le lengEmpa ya bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong wa hae.+ 16  Ya bohlale o hlokolosi mme o furalla bobeEmpa ya se nang kelello ha a tsotelle* ebile o itshepa ho tlola. 17  Ya potlakelang ho halefa o etsa dintho ka bowatla+Empa motho ya nahanang dintho hantle o hlouwe. 18  Lefa la ba se nang tsebo* e tla ba bothotoEmpa ba bohlale ba rweswa korone ya tsebo.+ 19  Batho ba sa lokang ba tla lokela ho inamela ba lokileng,Ba kgopo ba iname dikeiting tsa ya lokileng. 20  Mofutsana o hlouwe le ke baahisani ba hae+Empa metswalle ya morui e mengata.+ 21  Ya nyatsang moahisani wa hae o etsa sebeEmpa mang kapa mang ya qenehelang mofutsana o a thaba.+ 22  Ba rerang bobe ba tla lahlehaEmpa ba ikemiseditseng ho etsa hantle ba tla ratwa le ho tsheptjwa.+ 23  Motho o rua molemo ha a sebetsa ka thataEmpa ho bua feela ho baka bofutsana.+ 24  Korone ya ba bohlale ke leruo la bonaEmpa bothoto ba ba se nang kelello bo tswala bothoto bo fetang.+ 25  Paki ya nnete e pholosa bophelo ba bathoEmpa e leshano e bua leshano feela. 26  Motho ya hlomphang* Jehova o mo tshepa ka hohle+Ebile bana ba motho eo ba tla fumana setshabelo.+ 27  Ho hlompha* Jehova ke sediba sa bophelo,Ho etsa jwalo ho qobisa motho maraba a lefu. 28  Morena o kgaba ka setjhaba se sengata+Empa mmusi ya se nang bafo o wele. 29  Motho ya diehang ho halefa o na le temoho+Empa ya felang pelo o bontsha bothoto ba hae.+ 30  Pelo e nang le kgotso e phedisa mmele wa motho*Empa mona o bodisa masapo.+ 31  Ya qhekellang mofutsana o rohaka Mmopi* wa hae+Empa ya hauhelang ya futsanehileng o tlotlisa Mmopi.+ 32  Ya kgopo o tla dihuwa ke bokgopo ba haeEmpa ya lokileng o tla sireletswa ka lebaka la botshepehi ba hae.+ 33  Motho ya nang le kutlwisiso ha a ithorise* ka bohlale ba hae+Empa ya se nang kelello o dula a ithorisa ka tsebo ya hae. 34  Setjhaba se lokileng se a phahamiswa+Empa sebe ke ntho e swabisang ho batho. 35  Morena o kgahliswa ke mohlanka ya bontshang hore o na le temoho+Empa o halefiswa ke ya itshwarang ka mokgwa o hlabisang dihlong.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ya bolotsana.”
Ka Seheberu: “tshaba.”
Ka Seheberu: “melomo ya ba bohlale e tla ba sireletsa.”
Ka Seheberu: “molomong wa hae.”
Kapa mohlomong: “lewatla le thetsa batho ba bang ka.”
Kapa: “dumellana.”
Kapa: “ho lokisa ditaba.”
Ka Seheberu: “tente.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “o bohale.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “tshabang.”
Ka Seheberu: “tshaba.”
Kapa: “e phedisa motho hantle.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Ka Seheberu: “Pelo ya motho ya nang le kutlwisiso ha e ithorise.”