Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 4

Kamoo le ka Sebedisang Tjhelete Hantle

Kamoo le ka Sebedisang Tjhelete Hantle

“Ka [puisano] merero e tla tiiswa ka thata.”​—Liproverbia 20:18

Kaofela re hloka tjhelete hore re hlokomele ba malapa a rona ka dintho tseo ba di hlokang. (Liproverbia 30:8) Etswe “tjhelete [ke] tshireletso.” (Moeklesia 7:12) Mohlomong ha ho bonolo hore le buisane ka tjhelete le le banyalani, empa le se ke la dumella tjhelete hore e le bakele mathata lenyalong. (Baefese 4:32) Banyalani ba lokela ho tshepana mme ba sebetse hammoho ha ba etsa qeto ya hore na ba tla sebedisa tjhelete jwang.

1 RERANG DINTHO KA HLOKO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke mang ho lona ya batlang ho haha tora ya sa duleng fatshe pele mme a bale ditshenyehelo, ho bona haeba a e na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Ke habohlokwa hore le rerisane hore na le tla sebedisa tjhelete ya lona jwang. (Amose 3:3) Etsang qeto ka dintho tseo ho hlokahalang hore le di reke le hore na le ka kgona ho sebedisa tjhelete e kae. (Liproverbia 31:16) Taba ya hore le na le tjhelete ya ho reka ntho e itseng ha e bolele hore jwale le lokela ho e reka. Lekang ho qoba dikoloto. Sebedisang tjhelete eo le nang le yona feela.​—Liproverbia 21:5; 22:7.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Haeba bofelong ba kgwedi le saletswe ke tjhelete e ngata, etsang qeto hammoho hore na le tla etsang ka yona

  • Haeba ditshenyehelo tsa lona di feta tjhelete eo le nang le yona, etsang moralo wa ho fokotsa ditshenyehelo. Ka mohlala, le ka nna la pheha dijo lapeng ho e na le ho ya jella restjhorenteng

2 SHEBANG DINTHO KA BOTSHEPEHI LE KA TSELA YA SEBELE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Etsa tokisetso e tshepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (2 Bakorinthe 8:21) Tshepahala ho molekane wa hao mabapi le tjhelete eo o e fumanang le eo o e sebedisang.

Kamehla o buisane le molekane wa hao ha o etsa diqeto tse kgolo mabapi le ho sebedisa tjhelete. (Liproverbia 13:10) Ha le buisana ka tjhelete, seo se tla le thusa hore ho be le kgotso lenyalong la lona. Tadima tjhelete eo o e kgolang e le ya lelapa, eseng ya hao o le mong.​—1 Timothea 5:8.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Dumellanang hore na ke tjhelete e kae eo le ka e sebedisang ho sa hlokahale hore le buisane ka yona pele

  • Le se ke la emela hore ho hlahe bothata pele, ebe e le hona le buisanang ka tjhelete