Ho Bakolose 4:1-18

  • Keletso e fuwang benghadi (1)

  • “Le dule le rapela” (2-4)

  • Ebang bohlale ha le ena le batho bao e seng karolo ya phutheho (5, 6)

  • Ditumediso tsa ho qetela (7-18)

4  Benghadi, le tshware makgoba a lona hantle le ka toka le tseba hore le lona le na le Monghadi lehodimong.+  Le dule le rapela+ ebile le se ke la lebala ho rapela le ho leboha,+  le rona le re rapelle+ hore Modimo a re fe monyetla wa ho bolela lentswe la hae le ho phatlalatsa lekunutu le halalelang le mabapi le Kreste, leo ke leng teronkong ka lebaka la lona+  le hore ke tle ke le phatlalatse ka tsela e hlakileng jwalo ka ha ke tshwanetse.  Le be bohlale ka tsela eo le itshwarang ka yona ha le ena le batho bao e seng karolo ya phutheho mme le sebedise nako ya lona hantle.*+  Mantswe ao le a buang e ke e be a mosa ka mehla, a nokilweng ka letswai+ e le hore le tsebe ka moo le lokelang ho araba motho e mong le e mong ka teng.+  Tikikase,+ ngwaneso ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang le mohlanka ya sebeletsang Morena mmoho le rona, o tla le bolella dintho tsohle ka nna.  Ke mo romela ho lona hore a le bolelle hore na re ntse re ya jwang le hore a le tshedise.  O tla le Onesimase,+ ngwaneso ya tshepahalang le ya ratehang, ya tswang ho lona. Ba tla le bolella dintho tsohle tse etsahalang mona. 10  Aristakase+ ya tshwerweng le nna o a le dumedisa, le Mareka+ motswala wa Barnabase o a le dumedisa (Mareka ke yena eo ke ileng ka le laela hore le mo amohele+ ha a ka tla ho lona), 11  le Jesu ya bitswang Justase, e leng e mong wa ba bolotseng. Bana ke bona feela basebetsimmoho le nna bakeng sa Mmuso wa Modimo ebile ba ntshedisa haholo.* 12  Epafrase,+ mohlanka wa Kreste Jesu ya tswang ho lona o a le dumedisa. O dula a le rapella ka matla, e le hore le ka ema le tiile le hore le kgodisehe ka dintho tsohle tseo Modimo a tlo di etsa. 13  Ke paki ya hore o sebetsa ka thata molemong wa lona le molemong wa ba leng Laodisia le ba leng Hierapolise. 14  Luka,+ ngaka e ratwang le Demase,+ ba a le dumedisa. 15  Ntumedisetseng bana ba bo rona ba leng Laodisia le kgaitsedi ya rona Nimfa le phutheho e kopanelang ha hae.+ 16  Ha le se le badile lengolo lena, le le fetisetse phuthehong ya Balaodisia hore le bona ba le bale+ mme le lona le bale le tswang Laodisia. 17  Hape le bolelle Arkipase+ hore a sebetse ka thata ho phetha mosebetsi oo a o filweng ke Morena. 18  Nna Pauluse, ke le ngolla ditumediso ka letsoho la ka.+ Le dule le hopola hore ke teronkong.+ Mosa wa Modimo o ke o be le lona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “le ithekele nako e loketseng.”
Kapa: “ba a mmatlafatsa.”