Diproverbia 15:1-33

  • Karabo e bonolo e leleka kgalefo (1)

  • Mahlo a Jehova a bona hohle (3)

  • Thapelo ya ba lokileng e kgahlisa Modimo (8)

  • Merero e a senyeha moo ho sa buisanweng (22)

  • Nahana pele o bua (28)

15  Karabo e bonolo* e leleka kgalefo+Empa lentswe le hlabang* le fehla bohale.+   Maleme a ba bohlale a sebedisa tsebo hantle+Empa melomo ya dithoto e phasoloha dintho tse se nang kelello.   Mahlo a Jehova a bona hohle,A shebile ba kgopo le ba lokileng.+   Mantswe a bonolo* ke sefate sa bophelo+Empa dipuo tse bolotsana di a sithabetsa.   Ya se nang kelello ha a mamele kgalemelo ya ntate wa hae+Empa motho ya mamelang kgalemelo o bohlale.+   Ho na le maruo a mangata ka tlung ya motho ya lokilengEmpa moputso wa ya kgopo o* mo bakela mathata.+   Melomo ya ba bohlale e ntse e jala tsebo+Empa dipelo tsa ba hlokang kelello ha di etse jwalo.+   Sehlabelo sa ba kgopo se a nyonyeha ho Jehova+Empa thapelo ya ba lokileng e a mo kgahlisa.+   Jehova o nyonya tsela ya motho ya kgopo+Empa o rata ya phehellang ho etsa se nepahetseng.+ 10  Tayo e mpe* ho ya kgelohang tsela+Empa mang kapa mang ya hloileng kgalemelo o tla shwa.+ 11  Jehova o bona ba ka Lebitleng* le sekoting sa timetso,*+Jwale a ka sitwa keng ho bona se ka dipelong tsa batho?+ 12  Moikgohomosi ha a rate motho ya mo kgalemelang.+A ke ke a kopa keletso ho ba bohlale.+ 13  Pelo e thabileng e etsa hore sefahleho se kganye kgotsoEmpa pelo e utlwileng bohloko e diha moya.+ 14  Motho ya bohlale o* batla tsebo+Empa melomo ya batho ba se nang kelello e ja* bowatla.+ 15  Bophelo ba motho ya hlorileng bo bosula+Empa motho ya pelo e thabileng* o dula a ena le kgotso.*+ 16  Ho molemo ho ba le ho honyenyane empa o tshaba Jehova+Ho feta ho ba le maruo a mangata a tsamayang le matshwenyeho.*+ 17  Ho molemo ho ja meroho moo ho nang le lerato+Ho feta ho ja poho e nonneng* moo ho nang le lehloyo.+ 18  Motho ya bohale o baka diqabang+Empa ya diehang ho halefa o fedisa kgang.+ 19  Tsela ya motho ya botswa e tletse meutlwa+Empa tsela ya ba lokileng e bataletse.+ 20  Mora ya bohlale o thabisa ntate wa hae+Empa motho ya hlokang kelello o tella mme wa hae.+ 21  Ya se nang kelello* o thabela bowatla+Empa motho ya nang le temoho o tsamaya tseleng e nepahetseng.+ 22  Merero e a senyeha moo ho sa buisanweng*Empa ha baeletsi ba le bangata ho ba le katleho.+ 23  Motho o a thaba ha a fana ka karabo e ntle+Mme lentswe le buuwang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.+ 24  Ya nang le temoho o tsamaya tseleng e lebisang bophelong+E le hore e mo qobise tsela e theohelang Lebitleng.*+ 25  Jehova o tla diha ntlo ya ba ikgohomosang+Empa o tla sireletsa moedi wa masimo a mohlolohadi.+ 26  Jehova o nyonya merero ya motho ya kgopo+Empa o rata dipolelo tse thabisang.+ 27  Ya etsang phaello ka bolotsana o tlisetsa ba ntlo ya hae mathata*+Empa ya hloileng tjotjo o tla nne a phele.+ 28  Motho ya lokileng o a nahana pele a bua*+Empa melomo ya ba kgopo e phasoloha dintho tse fosahetseng. 29  Jehova o hole haholo le ba kgopoEmpa o utlwa thapelo ya ba lokileng.+ 30  Sefahleho se edileng se thabisa pelo,Tlaleho e monate e a matlafatsa.*+ 31  Motho ya mamelang kgalemelo e fanang ka bopheloO dula hara batho ba bohlale.+ 32  Mang kapa mang ya hanang kgalemelo o hloile bophelo ba hae+Empa mang kapa mang ya mamelang kgalemelo o fumana kutlwisiso.*+ 33  Ho tshaba Jehova ho ruta motho ho ba bohlale+Mme boikokobetso bo etsa hore motho a hlomphuwe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “le bohloko.”
Kapa: “e mosa.”
Kapa: “Mantswe a fodisang.”
Kapa: “dihlahiswa tsa ya kgopo di.”
Kapa: “bohloko.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le Abadone.”
Kapa: “phehella.”
Ka Seheberu: “Pelo e nang le kutlwisiso e.”
Kapa: “ntle.”
Kapa: “mokete.”
Kapa: “pherekano.”
Ka Seheberu: “poho e fepetsweng sejelong.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “moo ho se nang boeletsi.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “maswabi.”
Kapa: “Pelo ya ya lokileng e a thuisa pele e araba; e nahana ka hloko hore na e reng.”
Ka Seheberu: “e nontsha masapo.”
Ka Seheberu: “pelo.”