Lengolo la Pele la Petrose 3:1-22

  • Banna le basadi (1-7)

  • Le utlwelane bohloko, le batle kgotso (8-12)

  • Ho utlwiswa bohloko hobane le etsa dintho tse lokileng (13-22)

    • Le dule le itokiseditse ho ikarabella (15)

    • Kolobetso le letswalo le kgutsitseng (21)

3  Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona+ e le hore le haeba ba sa mamele lentswe la Modimo, le ka ba thusa hore ba be le tumelo ka diketso tsa lona le sa re letho.+  Ba ka ba le tumelo hobane ba bone hore le itshwere hantle+ ebile le ba hlompha haholo.  Botle ba lona e se ke ya eba ba dintho tseo batho ba di bonang tse kang ho loha moriri, mekgabiso ya kgauta+ le diaparo tse turang.  Empa le bontshe botle ba lona ka seo le leng sona pelong. Le ikgabise ka hore le be bonolo le ka hore le be mosa+ hobane ke tsona dintho tseo Modimo a di nkang di le bohlokwa mme ke mokgabiso o ke keng wa senyeha le ka mohla.  Le basadi ba halalelang ba mehleng ya pele ba neng ba tshepile Modimo ba ile ba ikgabisa ka tsela ena, ka ho ikokobeletsa banna ba bona.  Mohlala ke Sara ya ileng a mamela Abrahama a ba a mo bitsa morena.+ Lona le fetohile baradi ba hae ka ho etsa dintho tse ntle le sa tshabe letho.+  Ka tsela e tshwanang, lona banna, le phedisane le basadi ba lona ka tsela e bontshang hore le a ba tseba.* Ka ha basadi ha ba matla jwalo ka lona, le ba tshware ka tsela eo le neng le tla tshwara sejana se pshatlehang ha bonolo+ hobane le bona Modimo o ba file bophelo boo a le fileng bona+ ka lebaka la mosa wa hae. Ha le sa etse jwalo, Modimo a ke ke a mamela dithapelo tsa lona.  Qetellong kaofela ha lona le utlwane,*+ le utlwelane bohloko, le ratane jwalo ka bana ba motho, le qenehelane+ le be le ikokobetse.+  Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe+ kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile.+ Ho ena le ho etsa jwalo, le ba etsetse dintho tse molemo*+ hobane ke yona ntho eo Modimo a le kgethetseng yona mme o tla le etsetsa dintho tse molemo. 10  Mangolo a re: “Mang kapa mang ya ratang bophelo le ya batlang ho phela nako e telele a thabile, a thibe leleme la hae hore le se ke la bua se sebe+ le molomo wa hae hore o se ke wa bua leshano. 11  A tlohele ho etsa dintho tse mpe+ empa a etse tse ntle.+ A batle kgotso a be a lwanele hore e dule e le teng.+ 12  Mahlo a Jehova* a shebile batho ba lokileng, ditsebe tsa hae di mamela sello sa bona ha ba kopa thuso+ empa Jehova* o hloile ba etsang dintho tse mpe.”+ 13  Ke mang ya tla le utlwisa bohloko ha le etsa dintho tse ntle ka pelo yohle?+ 14  Le tla thaba haeba le utlwiswa bohloko hobane le etsa dintho tse lokileng.+ Le ha ho le jwalo, le se ke la tshaba dintho tseo ba di tshabang* kapa tsa le ferekanya.+ 15  Le dumele ka dipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore o a halalela. Le dule le itokiseditse ho ikarabella ho motho le ha e le ofe ya le botsang ka tshepo eo le nang le yona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo+ le ka tlhompho.+ 16  Le dule le ena le letswalo le kgutsitseng+ e le hore haeba batho ba le bua hampe ka tsela efe kapa efe, ba ka swaba+ hobane ba bona hore le itshwere hantle jwalo ka balatedi ba Kreste.+ 17  Haeba Modimo a le tlohela hore le utlwe bohloko hobane le etsa dintho tse ntle,+ ho molemo ho feta hore le utlwe bohloko hobane le etsa dintho tse mpe.+ 18  Kreste motho ya lokileng, o ile a shwela dibe tsa batho ba sa lokang+ hanngwe ebile e le la ho qetela.+ O ile a etsa jwalo e le hore a le thuse ho fumana Modimo.+ O ile a bolawa e le motho+ empa a tsoswa ka mmele wa moya.+ 19  Ka mmele wona oo, o ile a phatlalatsa molaetsa wa kahlolo ho mangeloi a neng a tshwerwe.+ 20  Mangeloi ao, ha a ka a mamela Modimo ha Modimo a ne a mameletse mehleng ya Noe.+ Nakong eo, areka e ne e ntse e hahwa.+ Areka eo e ile ya pholosa batho ba robedi feela metsing.+ 21  Ka tsela e tshwanang, kolobetso e a le pholosa hobane le a dumela hore Jesu Kreste o ile a tsoswa bafung. Ha motho a kolobetswa, ha a hlatsuwe ditshila tse mmeleng empa o kopa Modimo hore a mo thuse ho ba le letswalo le kgutsitseng.+ 22  Jesu o ka letsohong le letona la Modimo+ hobane o ile a ya lehodimong. Mangeloi le balaodi bohle ba ile ba behwa tlasa taolo ya hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “le a ba nahanela.”
Kapa: “le nahane ka tsela e tshwanang.”
Kapa: “le ba hlohonolofatse.”
Kapa mohlomong: “le se ke la tshaba ditshoso tsa bona.”