Moeklesia 4:1-16

  • Lefu le molemo ho feta ho hatellwa (1-3)

  • Ho ba le pono e nepahetseng ka mosebetsi (4-6)

  • Melemo ya ho ba le motswalle (7-12)

    • Ba babedi ba molemo ho feta a le mong (9)

  • Bophelo ba morena e ka ba bo se nang thuso (13-16)

4  Ka boela ka hlokomela diketso tsohle tsa kgatello tse ntseng di etsahala lefatsheng.* Ka bona meokgo ya ba ntseng ba hatellwa mme ho se ya ba tshedisang.+ Batho ba ba hatellang ba ne ba ena le matla mme ho se ya tshedisang ba hatellwang.  Ka hoo, ke ile ka lebohela ba seng ba shwele ho ena le ba ntseng ba phela.+  Ya iketlang ho ba feta ka bobedi ke ya eso hlahe,+ ya eso bone dintho tse bohloko tse etsahalang lefatsheng.*+  Ke bone hore ha batho ba hlodisana, ba ntsha bokgoni ba bona ebile ba sebetsa ka thata.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.  Ya se nang kelello o phutha matsoho, a lape a be a shwe.*+  Ho phomola hanyenyane ho* molemo ho feta ho sebetsa ka thata haholo,* e leng ho lelekisa moya.+  Ke ile ka hlokomela ntho e nngwe e neng e se na thuso lefatsheng:*  Ke motho ya mong to! Ha a na motswalle, ha a na mora kapa ngwanabo empa o sebetsa ka thata a sa qete. Hape, ha ho mohla a* kgotsofallang maruo.+ Empa na ho na le mohla a ipotsang, ‘Ke sebetsa ka thata le ho itima dintho tse monate bakeng sa mang?’+ Hona le hona ke lefeela le mosebetsi o bosula.+  Ba babedi ba molemo ho feta a le mong+ hobane ba na le moputso o moholwanyane bakeng sa mosebetsi wa bona o boima. 10  Etswe haeba a le mong wa bona a wa, e mong a ka mo emisa. Empa ho tla etsahalang ka a le mong feela ya wang ha ho se na ya mo emisang? 11  Ho feta moo, haeba ba babedi ba robala mmoho, ba tla futhumala empa motho a le mong feela a ka futhumala jwang? 12  Hape ha motho a le mong, e mong a ka mo hlola ka matla empa ha ba le babedi ba ka mo hlola. Thapo e meloho e meraro e ke ke ya kgaolwa ha bonolo.* 13  Ngwana ya futsanehileng empa a le bohlale o molemo ho feta morena ya tsofetseng empa e le lewatla+ le se nang kelello hoo le sitwang ho mamela temoso.+ 14  O* tswile teronkong hore e be morena+ le hoja a tswetswe e le mofutsana nakong ya puso ya morena eo ya tsofetseng.+ 15  Ke bone se etsahallang bohle ba phelang ba tsamayang lefatsheng* le mohlankana ya hlahlamang morena boreneng ba hae. 16  Le hoja batho ba mo tshehetsang ba sa fele, batho ba hlahang ha morao ba ke ke ba mo thabela.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”
Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”
Ka Seheberu: “mme o ja dinama tsa hae.”
Ka Seheberu: “Phomolo e tletseng letsoho e.”
Ka Seheberu: “ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi.”
Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”
Ka Seheberu: “mahlo a hae a.”
Kapa: “kapele.”
Mohlomong ho buuwa ka ngwana ya bohlale.
Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”