Lengolo la Jakobo 1:1-27

  • Ditumediso (1)

  • Mamello e tlisa thabo (2-15)

    • Mathata a a bontsha hore tumelo ya rona ke ya nnete (3)

    • Le nne le kope le ena le tumelo (5-8)

    • Takatso e tlisa sebe le lefu (14, 15)

  • Mpho e nngwe le e nngwe e molemo e tswa hodimo (16-18)

  • Ho utlwa lentswe le ho etsa dintho tseo le di buang (19-25)

    • Motho ya itjhebileng ka seiponeng (23, 24)

  • Borapedi bo hlwekileng (26, 27)

1  Nna Jakobo,+ mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste Ke dumedisa maloko a 12 a hasahasaneng hohle.  Bana beso, le thabe ha le hlahelwa ke mathata a sa tshwaneng+  hobane a a bontsha hore tumelo ya lona e ileng ya lekwa ke ya nnete ebile e tla le thusa ho ba le mamello.+  Le dumelle mamello hore e phethe mosebetsi wa yona e le hore le ka ba batho ba phethahetseng dinthong tsohle mme le se ke la hloka letho.+  Haeba mang kapa mang ho lona a haellwa ke bohlale, a nne a bo kope ho Modimo+ mme o tla bo fuwa+ hobane Modimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.*+  A kope a ena le tumelo,+ a sa belaele ho hang+ ka ha motho ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le kgannwang ke moya le ntseng le iswa kwana le kwana.  Ha e le hantle, motho eo a se ke a lebella ho fumana letho le tswang ho Jehova.*  Ke motho ya hlolehang ho etsa qeto+ le ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.  Ngwanabo rona ya boemong bo tlase a thabe ha a phahamiswa.+ 10  Motho ya ruileng yena a thabe ha a fuwa boemo bo tlase+ hobane o tla shwa jwalo ka palesa ya naheng. 11  O tla shwa a ntse a lelekisa maruo jwalo ka semela ha se bataolwa ke motjheso wa letsatsi ha le tjhaba ebe palesa ya sona e a pona le botle ba sona bo a fela.+ 12  Motho ya mamellang mathata o a thaba+ hobane ha Modimo a mo amohela o tla putswa ka bophelo+ e leng moputso oo Jehova* a o tshepisitseng batho ba tswelang pele ho mo rata.+ 13  Ha motho a hlahelwa ke mathata a se ke a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ka dintho tse mpe mme le yena ha a leke motho le ha e le ofe ka tsona. 14  Empa e mong le e mong o lekwa ke ho hohelwa* ke ditakatso tsa hae.+ 15  Ha takatso e le matla e etsa hore motho a etse sebe* mme sebe seo se tlisa lefu.+ 16  Bana beso bao ke ba ratang, le se ke la kgeloswa. 17  Mpho e nngwe le e nngwe e molemo le ntho e nngwe le e nngwe e phethahetseng, e tswa hodimo+ ho Ntate wa masedi a lehodimo+ ya sa fetoheng jwalo ka moriti.+ 18  O re phedisitse ka lentswe la hae la nnete hobane e ne e le morero wa hae+ e le hore re ka ba ba pele bao a ba kgethileng hara bao a ba bopileng.+ 19  Bana beso bao ke ba ratang, motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua,+ a diehe ho halefa+ 20  hobane ha motho a halefile ha a etse dintho tse lokileng mahlong a Modimo.+ 21  Ka hoo, lahlang ditshila tsohle le ntho e nngwe le e nngwe e mpe+ mme ka boikokobetso le dumelle Modimo hore a kenye lentswe la hae ka dipelong tsa lona hobane le na le matla a ho le pholosa. 22  Le ha ho le jwalo, le etse dintho tseo lentswe la Modimo le di buang+ mme le se ke la ithetsa ka ho nahana hore ho di utlwa feela ho lekane. 23  Motho ya utlwang lentswe empa a sa etse dintho tseo le di buang,+ o tshwana le motho ya shebang sefahleho sa hae ka seiponeng. 24  Ka mora hore a itjhebe, o a tloha ebe hanghang o a lebala hore na o jwang. 25  Empa motho ya hlahlobisisang molao o phethahetseng+ le o fanang ka tokoloho mme a dula a o mamela, ha se motho ya lebalang empa o etsa dintho tseo lentswe le di buang. O tla thaba hobane a etsa jwalo.+ 26  Motho ya nahanang hore ke morapedi wa Modimo empa a sa laole leleme la hae+ o a ithetsa le borapedi ba hae ha bo na thuso. 27  Mofuta wa borapedi o hlwekileng ho Modimo Ntate wa rona ke ona: Ho hlokomela dikgutsana+ le bahlolohadi+ ha ba ena le mathata+ le hore motho a se ke a silafatswa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka yona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “nyefole.”
Kapa: “o tjhehwa ke.”
Ka Segerike: “Ha takatso e emere e tswala sebe.”