Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 7

Kamoo o ka Rutang Ngwana wa Hao Kateng

Kamoo o ka Rutang Ngwana wa Hao Kateng

“Mantswe ana ao ke o laelang ona kajeno a be pelong ya hao; o a rute mora wa hao ka ho phetapheta.”​—Deuteronoma 6:6, 7

Ha Jehova a ne a etsa tokisetso ya lelapa, o ile a fa batswadi boikarabelo ba ho hlokomela bana. (Bakolose 3:20) Ka hona, ke boikarabelo ba hao jwaloka motswadi ho kwetlisa ngwana wa hao hore a rate Jehova le hore a be le boikarabelo ha a se a hodile. (2 Timothea 1:5; 3:15) O boetse o lokela ho ithuta se ka pelong ya mora kapa moradi wa hao. Ntle ho pelaelo, mohlala wa hao ke wa bohlokwa haholo. E le hore o atlehe ho ruta ngwana wa hao Lentswe la Jehova, o lokela ho ithuta lona pele.​—Pesaleme ya 40:8.

1 NOLOFALLETSA BANA BA HAO HO BUISANA LE WENA

SEO BIBELE E SE BUANG: ‘O potlakele ho utlwa, o diehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) O batla hore bana ba hao ba lokolohe ha ba buisana le wena. Ba lokela ho tseba hore o ikemiseditse ho ba mamela ha ba batla ho bua le wena. Etsa hore ho rene kgotso ka lapeng e le hore ba nolofallwe ho itlhalosa. (Jakobo 3:18) Haeba ba nahana hore o tla ba omanya kapa o ba kgalemele ka thata, ba ka nna ba se ke ba phutholoha. E ba le mamello ha o sebetsana le bana ba hao, mme o dule o ba tiisetsa hore o wa ba rata.​—Matheu 3:17; 1 Bakorinthe 8:1.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Iphe nako ya ho mamela bana ba hao ha ba batla ho bua

  • Buisana le bana ba hao kgafetsa, eseng feela ha ho e na le mathata

2 LEKA HO UTLWISISA SEO BA HLILENG BA SE BOLELANG

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ya bontshang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo.” (Liproverbia 16:20) Ka dinako tse ding ho tla hlokahala hore o utlwisise kamoo ba ikutlwang kateng, eseng feela seo ba o bolellang sona. Ho tlwaelehile hore batjha ba feteletse taba kapa ba ipuele feela tjee. “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla.” (Liproverbia 18:13) O se ke wa potlakela ho halefa.​—Liproverbia 19:11.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Qoba ho ba kena hanong kapa ho phahamisa maikutlo, ho sa tsotellehe hore na ba reng

  • Leka ho hopola hore na o ne o ikutlwa jwang ha o lekana le bona, le hore na keng se neng se bonahala e le sa bohlokwa ho wena

3 MOMAHANANG LE LE BATSWADI

SEO BIBELENG E SE BUANG: “Mora wa ka, o mamele tayo ya ntatao, mme o se ke wa furalla molao wa mmao.” (Liproverbia 1:8) Jehova o file ntate le mme boikarabelo ba ho hlokomela bana. O lokela ho ruta bana ba hao hore ba o hlomphe le ho o mamela. (Baefese 6:1-3) Bana ba kgona ho lemoha ha batswadi ba ‘sa kopana ka ho loketseng kelellong e tshwanang.’ (1 Bakorinthe 1:10) Haeba le sa dumellane, qobang ho bontsha seo ka pela bana, kaha se ka etsa hore ba le telle.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Buisanang mme le dumellane ka hore na le tla ba kgalemela jwang

  • Haeba wena le molekane wa hao le sa bone dintho ka ho tshwana tabeng ya ho kgalemela bana, leka ho utlwisisa maikutlo a hae

4 RERA HORE NA O TLA ETSANG

SEO BIBELE E SE BUANG: “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng.” (Liproverbia 22:6) Hore o atlehe ho ruta bana ba hao hase ntho e ka iketsahallang feela tjee. Buisanang e sa le pele hore na le tla kgalemela bana ba lona jwang. (Pesaleme ya 127:4; Liproverbia 29:17) Ho kgalemela bana hase feela taba ya ho ba fa kotlo, empa ho akarelletsa le ho ba thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha o ba behela melao e itseng. (Liproverbia 28:7) Hape, ba rute hore ba rate Lentswe la Jehova le ho utlwisisa melao ya lona. (Pesaleme ya 1:2) Sena se tla ba thusa hore ba be le letswalo le letle.​—Baheberu 5:14.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Kgodiseha hore bana ba hao ba nka Modimo e le Motho wa sebele eo ba ka mo tshepang

  • Ba thuse hore ba hlokomele ba be ba qobe dintho tse ka ba silafatsang boitshwarong, tse kang tse fumanwang Inthaneteng le metjheng e tlwaelehileng ya puisano. Ba rute ho itshireletsa ho batho ba hlekefetsang ba bang ka thobalano

“Batswadi ba kwetliswa mora wa bona ho sebeletsa Jehova ho tloha ha a sa le monyane ho fihlela a kolobetswa”