Moeklesia 3:1-22

  • Ho na le nako e nepahetseng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe (1-8)

  • Ho thabela bophelo e leng mpho ya Modimo (9-15)

    • Batho ba na le takatso ya ho phela ka ho sa feleng (11)

  • Modimo o ahlola batho bohle ka toka (16, 17)

  • Batho le diphoofolo ba a shwa (18-22)

    • Kaofela ba kgutlela leroleng (20)

3  Ho na le nako e nepahetseng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe,Nako ya ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang lefatsheng:*   Nako ya tswalo le nako ya ho shwa. Nako ya ho lema le nako ya ho fothola se lenngweng.   Nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa. Nako ya ho heletsa le nako ya ho haha.   Nako ya ho lla le nako ya ho tsheha. Nako ya ho bokolla le nako ya ho tantsha.*   Nako ya ho lahla majwe le nako ya ho bokella majwe. Nako ya ho haka motho le nako ya ho qoba ho haka motho.   Nako ya ho batla le nako ya ho tela se lahlehileng. Nako ya ho boloka le nako ya ho lahla.   Nako ya ho tabola+ le nako ya ho roka. Nako ya ho thola+ le nako ya ho bua.+   Nako ya ho rata le nako ya ho hloya.+ Nako ya ntwa le nako ya kgotso.  Motho ya sebetsang o fumanang boitekong bohle ba hae?+ 10  Ke bone mosebetsi oo Modimo a o fileng batho e le hore ba dule ba phathahane. 11  O entse ntho e nngwe le e nngwe e le ntle* ka nako ya yona.+ O kentse ka dipelong tsa bona takatso ya ho phela ka ho sa feleng. Ho ntse ho le jwalo, batho ba ke ke ba tseba mosebetsi oo Modimo wa nnete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong. 12  Ke qetile ka hore ha ho letho le molemo ho batho ho feta hore ba thabe le hore ba etse dintho tse ntle bophelong ba bona+ 13  le hore motho e mong le e mong a je mme a nwe le ho thabela* mosebetsi wohle wa hae o boima. Ke mpho ya Modimo.+ 14  Ke a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe eo Modimo wa nnete a e etsang, e tla ba teng ho ya ho ile. Batho ba ke ke ba eketsa kapa ba fokotsa letho ho yona. Modimo wa nnete o e entse jwalo e le hore batho ba ka mo hlompha.+ 15  Eng kapa eng e etsahalang e se e etsahetse mme e tlang ho ba teng e bile teng.+ Empa Modimo wa nnete o batla ntho eo batho ba e pheheletseng.* 16  Ke boetse ke bone ntho ena lefatsheng:* Moo ho tshwanelang ho ba le toka ho ne ho ena le bokgopo le moo ho tshwanelang ho ba le ho loka ho ne ho ena le bokgopo.+ 17  Ka hoo, ka re ka pelong: “Modimo wa nnete o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo+ ka ha ho na le nako bakeng sa mosebetsi o mong le o mong le ketso e nngwe le e nngwe.” 18  Ka boela ka re ka pelong mabapi le batho: “Modimo wa nnete o tla ba beha tekong mme a ba bontshe hore ba tshwana le diphoofolo.” 19  Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Jwalo ka ha phoofolo e shwa, motho o shwa ka mokgwa o tshwanang.+ Kaofela ba na le moya o le mong.+ Ka hoo, motho ha a phahamela phoofolo hobane ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela. 20  Kaofela ba ya sebakeng se le seng.+ Kaofela ba tswa leroleng+ mme kaofela ba kgutlela leroleng.+ 21  Ke mang ya tsebang hantle hore na moya wa batho o nyolohela hodimo kapa hore na moya wa diphoofolo o theohela tlase lefatsheng?+ 22  Hape ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabele mosebetsi wa hae+ ka ha ke moputso wa* hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “tlasa mahodimo.”
Ka Seheberu: “ho tlolatlola.”
Kapa: “e loketse; e hlophehile hantle.”
Kapa: “fumana ditholwana tsa.”
Kapa mohlomong: “e seng e fetile.”
Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”
Kapa: “kabelo ya.”