Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 5

Kamoo o ka Phedisanang ka Kgotso le ba Leloko

Kamoo o ka Phedisanang ka Kgotso le ba Leloko

“Le ikapese . . . mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”​—Bakolose 3:12

Lenyalo le hlahisa lelapa le letjha. Le hoja kamehla o tla nne o rate batswadi ba hao le ho ba hlompha, molekane wa hao e se e le yena motho wa bohlokwa ka ho fetisisa ho wena lefatsheng mona. Ba bang ba leloko ba ka nna ba thatafallwa hore ba amohele seo. Empa melao ya Bibele e ka o thusa hore o bontshe ho lekalekana, e le hore o phedisane ka kgotso le bona ha o ntse o ikitlaelletsa ho matlafatsa dikamano lelapeng la hao le letjha.

1 E BA LE PONO E LOKETSENG KA BA LELOKO LA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Hlompha ntatao le mmao.” (Baefese 6:2) Ho sa tsotellehe hore na o dilemo di kae, o lokela hore kamehla o hlomphe le ho tlotla batswadi ba hao. Hape, o hlokomele hore molekane wa hao, jwaloka mora kapa moradi wa batswadi ba hae, o lokela hore a ba fe nako e itseng. “Lerato ha le boulele,” kahoo le ka mohla o se ke wa tshoswa ke kamano eo molekane wa hao a nang le yona le ba leloko la hae.​—1 Bakorinthe 13:4; Bagalata 5:26.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Qoba dipolelo tse akaretsang, tse kang “Kamehla ba heno ba a nnyahamisa” kapa “Ha ho mohla mme wa hao a thabelang seo ke se etsang”

  • Leka ho sheba ditaba ka tsela eo molekane wa hao a di shebang ka yona

2 BONTSHA HO TIYA HA HO HLOKAHALA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Monna [o] tla siya ntatae le mmae a kgomarele mosadi wa hae mme e tla ba nama e le nngwe.” (Genese 2:24) Ha o kena lenyalong, batswadi ba hao ba ka nna ba nka hore o ntse o ikarabella ho bona, mme ba ka nna ba batla ho kena ditaba tsa lenyalo la lona ho feta kamoo ba lokelang.

Ke wena le molekane wa hao ba lokelang ho dumellana hore na le ba behela meedi efe, ebe le ba tsebisa seo ka lerato. Le ka bua taba eo ka ho toba le ka bolokolohi empa le sa bontshe tello. (Liproverbia 15:1) Boikokobetso, bonolo le mamello di tla le thusa hore le be le kamano e mofuthu le beng ka lona mme le nne “le mamellane ka lerato.”​—Baefese 4:2.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Haeba o tshwenyehile ka hore ba leloko la lona ba kenakenana le bophelo ba lona, buisana ka seo le molekane wa hao ha maikutlo a se a theohile

  • Dumellanang ka hore na le tla sebetsa ditaba tsena jwang