Diproverbia 17:1-28

  • O se ke wa buseletsa botle ka bobe (13)

  • Pele kgang e qhoma, o itsamaele (14)

  • Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle (17)

  • “Pelo e thabileng ke moriana” (22)

  • Motho ya nang le tsebo o a ithiba (27)

17  Ho molemo ho ja sekokotwana sa bohobe moo ho nang le kgotso*+Ho feta ho ba le mokete* ntlong e tletseng diqabang.+   Mohlanka ya nang le temoho o tla busa mora wa monga hae ya diketso di swabisang,O tla ja lefa jwalo ka e mong wa bara ba monga hae.   Silevera le kgauta di hlwekiswa ka ho qhibidihiswa mollong+Empa Jehova ke yena ya hlahlobang dipelo.+   Motho ya kgopo o mamela ka hloko dipuo tse bohloko. Molotsana o mamela dipuo tse hlabang.+   Motho ya somang mofutsana o rohaka Mmopi* wa hae.+ Ya thabelang koduwa ya e mong o tla fumana kotlo.+   Korone ya ba hodileng ke ditloholo,Bana* ba ikotla sefuba ka batswadi ba bona.*   Dipuo tse lokileng* ha di tshwanele motho ya se nang kelello.+ Leshano le lona ha le tshwanele morena.*+   Mpho e tshwana le lejwe la bohlokwa ho motho ya fanang ka yona.+ E mo atlehisa nthong e nngwe le e nngwe eo a e etsang.+   Mang kapa mang ya tshwarelang* phoso o batla lerato+Empa ya dulang a bua ka phoso o arola metswalle ya hlooho ya kgomo.+ 10  Motho ya nang le kutlwisiso o a mamela ha a kgalemelwa+Empa motho ya se nang kelello ha a mamele le ha a ka otlwa halekgolo.+ 11  Motho ya kgopo o ipatlela borabele feelaEmpa moromuwa ya kgopo o tla romelwa ho ya mo fa kotlo.+ 12  Ho molemo hore motho a teane le bere e nketsweng madinyaneHo feta hore a teane le sethoto se tshepileng bothoto ba sona.+ 13  Haeba mang kapa mang a buseletsa botle ka bobe,Bobe bo ke ke ba tloha ntlong ya hae.+ 14  Ho qala ntwa ho tshwana le ho bulela letamo la metsi.* Pele kgang e qhoma, o itsamaele.+ 15  Mang kapa mang ya lokollang ya kgopo le mang kapa mang ya ahlolang ya lokileng,+Ka bobedi ba a nyonyeha ho Jehova. 16  Ho na le molemo ofe ha sethoto se fumana bohlaleEmpa se se na kelello?*+ 17  Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle+Mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.+ 18  Motho ya se nang kelello* o etsa tumellanoMme o itlama ka pela moahisani hore o tla patalla motho e mong sekoloto.+ 19  Ya ratang dikgang o tla etsa diphoso.+ Mang kapa mang ya dulang a ithorisa o ipitsetsa tlokotsi.*+ 20  Ya pelo e bolotsana a ke ke a atleha*+Mme ya leshano o tla wela tlokotsing. 21  Motswadi wa ngwana ya hlokang kelello o tla sarelwa,Ntate wa ngwana ya se nang kelello ha a thabe.+ 22  Pelo e thabileng ke moriana+Empa ha motho a wele moya o fellwa ke matla.*+ 23  Ya kgopo o tla nka tjotjo ka sekgukgu*E le hore a sothe ditsela tsa toka.+ 24  Motho ya nang le temoho o shebile bohlale feelaEmpa ya hlokang kelello o thalatsa mahlo ho ya fihla moo lefatshe le fellang.+ 25  Mora ya hlokang kelello o bakela ntate wa hae mesareloHape o tshwarisa mme wa hae hlooho.*+ 26  Ha ho hotle ho fa ya lokileng kotlo.* Ho otla bahlomphehi ha se ntho e lokileng. 27  Motho ya nang le tsebo o a ithiba ha a bua,+Athe motho ya nang le temoho o tla dula a kgobile matshwafo.+ 28  Esita le motho ya se nang kelello, ha a thola o tla nkwa a le bohlale. Ya kwalang molomo wa hae o tla nkwa a ena le temoho.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “mahlabelo.”
Kapa: “kgutso.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Kapa: “Bara.”
Kapa: “bontate ba bona.”
Kapa: “monate.”
Kapa: “mohlomphehi.”
Ka Seheberu: “kwahelang.”
Kapa: “morwallo wa metsi.” Ka Seheberu: “ho bulela metsi.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Kapa: “Mang kapa mang ya phahamisang keiti ya hae o batla ho wa.”
Ka Seheberu: “fumana se molemo.”
Kapa: “o omella masapo.”
Ka Seheberu: “sefubeng.”
Ka Seheberu: “o kgopisa mme wa hae.”
Kapa: “ho lefisa ya lokileng.”