Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

’Muso oa Molimo

’Muso oa Molimo

Na ’Muso oa Molimo o ka lipelong tsa batho?

“Ha u hōle le ’muso oa Molimo.”—Mareka 12:34.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ho tšoana le sehlopha se seholo sa batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela hore ’Muso oa Molimo ke “o ka pelong ea motho le hore o laola bophelo ba hae.”

SEO BIBELE E SE RUTANG

’Muso ke puso ea sebele, hase feela tšoantšetso ea ha motho a ikokobelletsa Molimo ka pelong ea hae. ’Muso oa Molimo o tla busa holim’a lefatše lohle.—Pesaleme ea 72:8; Daniele 7:14.

Joale Jesu o ne a bolela eng ha a re, “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lona?” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Luka 17:21, Bibele ea Sesotho) Jesu o ne a ke ke a re ’Muso o ka lipelong tsa bamameli ba hae. Hobane’ng? Hobane ka nako eo o ne a buisana le Bafarisi. Jesu o ile a bolela hore ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo ka lebaka la hore borapeli ba bona e ne e le ba boikaketsi ’me kahoo bo sa amohelehe ho Molimo. (Matheu 23:13) Leha ho le joalo, ka ho loketseng Jesu o ne a ka re ’Muso oa Molimo o ka “hare ho lōna” kapa, joalokaha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e bolela, “o har’a lōna.” Hobane’ng? Hobane eena joaloka Morena oa ka moso oa ’Muso oo, o ne a le har’a bona.—Luka 17:21.

 ’Muso oa Molimo ke Eng?

“’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:10.

SEO BIBELE E SE RUTANG

’Muso oa Molimo ke puso ea sebele ea Molimo eo Jesu Kreste e leng Morena oa eona. (Matheu 28:18; 1 Timothea 6:14, 15) Morero oa oona ke ho etsa hore thato ea Molimo e etsahale leholimong le lefatšeng. (Matheu 6:10) Kahoo, Molimo o tla rarolla mathata a batho a sebelisa ’Muso ona. ’Muso ona o tla etsa seo puso ea batho e ke keng ea khona ho se etsa.

Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho bohle ba tla thabela khotso, tšireletseho le katleho lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 46:9; Esaia 35:1; Mikea 4:4) Ha ho na motho ea tla hlola a kula kapa a shoa, maloetse ’ohle a tla felisoa. (Esaia 33:24; Tšenolo 21:4) Esita le botsofali bo tla felisoa. Bibele e bolela esale pele, e re: “Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.”—Jobo 33:25.

SEO U KA SE ETSANG

Ho sa tsotellehe hore na u tsoa lelokong lefe kapa u hlahetse hokae, u ka phela ’Musong oa Molimo haeba u etsa seo Molimo a u kōpang hore u se etse. Bibele e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Na boiteko ba batho bo tla tlisa ’Muso oa Molimo?

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.”—Daniele 2:44.

SEO BATHO BA SE BUANG

Ba bang ba nahana hore batho ke bona ba tla theha ’Muso oa Molimo lefatšeng, ebang ke ka ho sokollela ba bang tumelong ea bona kapa ka ho sebeletsa hore ho be le khotso le bonngoe lefatšeng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ke Molimo—ea tla hloma ’Muso—eseng motho. (Daniele 2:44) Ha ’Muso o hlomamisoa, Molimo o re: “Ke hlomamisitse morena oa ka.” (Pesaleme ea 2:6) Batho ba ke ke ba tlisa ’Muso oa Molimo ebile ba ke ke ba o sitisa, kaha o tla busa lefatšeng o le leholimong.—Matheu 4:17.

KE HOBANE’NG HA TABA EE E LE EA BOHLOKOA HO UENA?

Ke ha tlhaho ho labalabela hore ka letsatsi le leng batho ba phele ka khotso ba le bonngoeng. U ka leka ka matla ho tlisa lintho tsena empa u tla soetseha haholo ha u elelloa hore u ke ke ua khona ho etsa joalo. Ho tseba hore ’Muso oa Molimo o tla tlisoa ka matla a Molimo ho tla u thusa hore u sebelise matla a hao hamolemo, ka hore re ikokobeletse oona.