Kosepele ea Matheu 4:1-25

  • Diabolose o leka Jesu (1-11)

  • Jesu o qala ho ruta Galilea (12-17)

  • Jesu o bitsa barutuoa ba pele (18-22)

  • Jesu oa bolela, oa ruta ebile oa phekola (23-25)

4  Moea o halalelang oa tataisetsa Jesu lefeelleng. Ha a le moo, Diabolose a mo leka.+  E ne e le ka mor’a hore a itime lijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40 ’me o ne a utloa a lapile.  Diabolose+ a atamela ’me a re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.”  Empa Jesu a araba a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.’”*+  Diabolose a mo isa motseng o halalelang+ eaba o mo emisa holim’a tora* ea tempele.+  A re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše etsoe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho uena. A tla u jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.’”+  Jesu a re ho eena: “Mangolo a boetse a re: ‘U se ke oa leka Jehova* Molimo oa hao.’”+  Diabolose a boela a mo isa thabeng e phahameng haholo, a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le maruo a eona.+  A re ho eena: “Ke tla u fa lintho tsena kaofela ha u ka khumama oa nthapela.”* 10  Jesu a re ho eena: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela+ ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+ 11  Diabolose a mo tlohela+ eaba mangeloi aa tla ho tla matlafatsa Jesu.+ 12  Ha Jesu a utloa hore Johanne o tšoeroe,+ a khutlela Galilea.+ 13  Ka mor’a hore a tlohe Nazaretha, a lula Kapernauma+ ka thoko ho leoatle literekeng tsa Zabulone le Nefthali 14  e le hore ho ka phethahala mantsoe ao moprofeta Esaia a ileng a a bua ha a re: 15  “Lona baahi ba naha ea Zabulone le Nefthali, pel’a tsela ea leoatle, ka lehlakoreng le leng la Jordane, Galilea ea lichaba, 16  batho ba lutseng lefifing ba ile ba bona leseli le leholo. Ha e le ba lutseng sebakeng sa moriti oa lefu, leseli+ le ile la ba chabela.”+ 17  Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Jesu a qala ho ruta a re: “Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.”+ 18  Ha a tsamaea haufi le Leoatle la Galilea, a bona bana ba motho ba babeli ba akhela letlooa* la ho tšoasa litlhapi ka leoatleng kaha e ne e le batšoasi ba litlhapi.+ E mong e ne e le Simone ea bitsoang Petrose,+ e mong e le Andrease. 19  A re ho bona: “Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.”+ 20  Hang-hang ba tlohela matlooa a bona eaba baa mo latela.+ 21  Ha a fetela pele, a bona ba bang ba babeli bao e neng e le bana ba motho e leng Jakobo le Johanne bara ba Zebedea.+ Ba ne ba le ka sekepeng ba e-na le ntate oa bona Zebedea, ba lokisa matlooa a bona eaba oa ba bitsa.+ 22  Hang-hang ba siea ntate oa bona hammoho le sekepe, ba latela Jesu. 23  A tsamaea Galilea+ eohle a ruta ka matlung a bona a thapelo,*+ a bua ka litaba tse monate tsa ’Muso a bile a phekola mafu a mefuta eohle.+ 24  Siria eohle e ile ea tseba ka eena ’me batho ba moo ba mo tlisetsa bohle ba kulang, ba opeloang,+ ba nang le bademona,+ ba tšoeroeng ke sethoathoa*+ le ba shoeleng litho eaba oa ba phekola. 25  Ka lebaka leo, letšoele le leholo le tsoang Galilea, Dekapolise,* Jerusalema, Judea le ka lehlakoreng le leng la Jordane la mo latela.

Linaletsana

Kapa: “lehora; qhooeng.”
Leetsi le sebelitsoeng mona, ka Segerike le bontša hore Diabolose o ne a batla ketso e le ’ngoe feela ea borapeli.
Ke nete e tšoasang litlhapi.
Ka Segerike: “lisinagogeng tsa bona.”
Kapa: “lefu la ho oa.”
Kapa: “metse e leshome.”