Liketso Tsa Baapostola 10:1-48

  • Pono ea Korneliase (1-8)

  • Pono ea Petrose ea liphoofolo tse hloekisitsoeng (9-16)

  • Petrose o ea ho Korneliase (17-33)

  • Petrose o bolella balichaba litaba tse monate (34-43)

    • “Molimo ha a leeme” (34, 35)

  • Balichaba ba fuoa moea o halalelang ebe baa kolobetsoa (44-48)

10  Ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Korneliase motseng oa Sesarea. E ne e le molaoli oa sesole* lebothong le bitsoang sehlopha sa Mataliana.*  Monna enoa le ba lelapa la hae ba ne ba rapela Molimo ’me ba mo hlompha. O ne a phallela bafutsana ebile a lula a rapela Molimo ka matla.  Hoo e ka bang ka hora ea boraro+ motšehare oa mantsiboea,* a bona lengeloi la Molimo ka tsela e hlakileng ponong eaba le tla ho eena le re: “Korneliase!”  Korneliase a le tonela mahlo a tšohile a re: “Ke ’na enoa Morena.” Lengeloi la re: “Molimo o utloile lithapelo tsa hao ebile o bona lintho tseo u li etsetsang bafutsana. O lula a u hopola ka lebaka la lintho tsena.+  Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ea rehiloeng Petrose.  Monna enoa ke moeti ha Simone ea suhang matlalo ea lulang pel’a leoatle.”  Hang ha lengeloi le buileng le eena le qeta ho tloha, Korneliase a bitsa lesole le mo sebeletsang le hlomphang Molimo, a bitsa le bahlanka ba bang ba hae ba babeli.  A ba phetela lintho tsohle tse etsahetseng eaba o ba roma Jopa.  Ka le hlahlamang ha ba ntse ba le leetong ba se ba le haufi le motse, Petrose a nyolohela ka holim’a ntlo hoo e ka bang ka 12 motšehare* ho ea rapela. 10  Ha a le moo, a lapa haholo eaba o batla ho ja. Ha ho ntse ho phehoa, a ba le pono+ 11  eaba o bona leholimo le bulehile ’me ha hlaha ntho* e kang lesela le leholo la line le theoleloa lefatšeng le tšoeroe ka lik’hona tsa lona tse ’nè. 12  Ka har’a lesela lena ho ne ho e-na le mefuta eohle ea liphoofolo tse maoto a mane, lihahabi le linonyana. 13  Ha hlaha lentsoe le reng: “Petrose, hlaba u je.” 14  Petrose a re: “Nke ke ka etsa joalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hloekang.”+ 15  Lentsoe leo la bua ka lekhetlo la bobeli la re: “Khaotsa ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng ha lia hloeka.” 16  Lentsoe leo la hlaha ka lekhetlo la boraro eaba lesela* leo le khutlisetsoa leholimong. 17  Ha Petrose a sa ntse a maketse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolela’ng, banna ba ronngoeng ke Korneliase ba ema keiting ka mor’a ho botsa hore na ha Simone ke hokae.+ 18  Ba bitsa mong’a ntlo ’me ba mo botsa hore na Simone Petrose o chaketse ha hae. 19  Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, moea oa Molimo+ oa re: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho uena. 20  Theoha u tsamaee le bona. U se ke oa ba lesisitheho ho tsamaea le bona hobane ke ’na ea ba rommeng.” 21  Petrose a theoha a ea ho banna bao eaba o re: “Ke ’na motho eo le ntseng le mo batla. Nka le thusa joang?” 22  Ba re: “Re ronngoe ke molaoli oa sesole ea bitsoang Korneliase.+ Ke monna ea lokileng, ea hlomphang Molimo ea bileng a buuoang hantle ke Bajuda bohle. Molimo o ile a romela lengeloi ’me la laela Korneliase hore a u memele ha hae e le hore a utloe litaba tseo u tla li bua.” 23  A re ba kene ba robaletse. Ka le hlahlamang a itokisa eaba o tsamaea le bona. Barutuoa ba bang ba Jopa ba tsamaea le eena. 24  Letsatsi ka mor’a moo, Petrose a fihla Sesarea. Kaha Korneliase o ne a ba lebeletse, o ne a bitsitse beng ka eena le metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo. 25  Ha Petrose a kena, Korneliase a mo khahlanyetsa, a khumama eaba oa mo inamela. 26  Empa Petrose a mo phahamisa eaba o re: “Ema, le ’na ke motho.”+ 27  Petrose a kena le eena ka tlung ba ntse ba bua eaba o fumana ho e-na le batho ba bangata ka moo. 28  A re ho bona: “Le tseba hantle hore molao ha o lumelle Bajuda ho kopana le batho ba merabe e meng kapa ho ba atamela.+ Empa Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse.+ 29  Kahoo, ke tlile ke sa tsila-tsile ha ke bitsoa. Ke kopa le mpolelle hore na le mpitselitse’ng.” 30  Korneliase a re: “Matsatsi a mane a fetileng ka eona nako ena, ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ea ka. E ne e le hora ea boraro motšehare oa mantsiboea.* Ka nako eo, ha hlaha monna ea liaparo li khanyang. A ema ka pel’a ka 31  eaba o re: ‘Korneliase, Molimo o utloile thapelo ea hao ebile o ntse a hopola lintho tseo u li etselitseng bafutsana. 32  Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ea rehiloeng Petrose. Monna enoa ke moeti ha Simone ea suhang matlalo ea lulang pel’a leoatle.’+ 33  Ke ile ka u romela molaetsa hang-hang. Kahoo, kea leboha ha u tlile. Ke rona bana, kaofela ha rona re eme ka pel’a Jehova* ho tla utloa lintho tsohle tseo a u laetseng hore u li bue.” 34  Petrose a re: “Joale ke utloisisa hantle hore Molimo ha a leeme*+ 35  empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.+ 36  Molimo o ile a roma Jesu Kreste* ho Baiseraele hore a ba bolelle litaba tse monate tsa khotso+ hore Jesu ke eena Morena oa bohle.+ 37  Lea tseba hore ka mor’a hore Johanne a bolelle batho ka kolobetso, ho ile ha buuoa ka taba ena ho tloha Galilea+ ho ea tsoa libakeng tsohle tsa Judea: 38  Ke taba e mabapi le Jesu ea neng a tsoa Nazaretha. Molimo o ile a mo fa matla a ba a mo khetha ka moea o halalelang.+ O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose+ hobane Molimo o ne a e-na le eena.+ 39  Re lipaki tsa lintho tsohle tseo a ileng a li etsa naheng ea Bajuda ho akareletsa le Jerusalema. Empa ba ile ba mo bolaea ka ho mo fanyeha palong.* 40  Molimo o ile a mo tsosa ka letsatsi la boraro+ ’me a etsa hore a bonahale ho batho. 41  Ha aa ka a etsa hore a bonoe ke batho bohle empa o ile a bonoa ke batho bao Molimo a ileng a ba khetha esale pele hore e tle e be lipaki e leng rona ba ileng ba ja le ho noa le eena ka mor’a hore a tsohe bafung.+ 42  Hape o ile a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng+ ba hore enoa ke eena ea khethiloeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.+ 43  Baprofeta bohle baa paka+ hore e mong le e mong ea lumelang ho eena o tla tšoareloa libe ka lebitso la hae.”+ 44  Ha Petrose a ntse a bua, moea o halalelang oa theohela holim’a bohle ba utloang lentsoe.+ 45  Barutuoa ba bolotseng ba neng ba tlile le Petrose ba makala hobane batho ba lichaba le bona ba ne ba fuoa mpho ea moea o halalelang. 46  Ba ile ba ba utloa ba bua lipuo tse ling* ’me ba tlotlisa Molimo.+ Petrose a re: 47  “Batho bana ba fumane moea o halalelang joaloka rona. Joale ke mang ea ka ba hanelang hore ba kolobetsoe?”+ 48  A laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.+ Ba mo kopa hore a qete nako e teletsana a lula le bona.

Linaletsana

O ne a laola masole a lekholo.
Lebotho la Roma le nang le masole a 600.
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Ka Segerike: “hora ea botšelela.”
Ka Segerike: “sejana sa mofuta o itseng.”
Ka Segerike: “sejana.”
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Kapa: “khetholle.”
Kapa: “Lentsoe.”
Kapa: “sefateng.”
Ka Segerike: “maleme.”