Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Switzerland

Phuputso e entsoeng Switzerland e re monyetla oa hore motho ea nang le lilemo tse ka holimo ho 60 a shoe letsatsing la hae la tsoalo, o eketseha ka liphesente tse 14 ho feta matsatsing a mang. Palo ea batho ba hlaseloang ke lefu la pelo ka letsatsi la bona la tsoalo e eketseha ka liphesente tse 18, ea basali ba otloang ke setorouku ka liphesente tse 21, ’me ea banna ba ipolaeang ka liphesente tse 35. Bo-rasaense ba lumela hore khatello ea kelello le tahi ke tsona lisosa tse eketsang palo ea batho ba ipolaeang le ea likotsi. Litsebi tse ling li hanyetsa phuputso ena, li lumela hore e ka ’na eaba batho ba etsa phoso ha ba matahanya matsatsi a tsoalo le ao batho ba shoang ka ’ona.

Iseraele

Hangata banna ba batle ba ne ba bitsetsoa ho tla hlahlobeloa mosebetsi ha ba kenyelelitse lifoto tsa bona lengolong la kōpo ea mosebetsi; basali ba batle bona ba ne ba sa atise ho se bitsoe. Hobane’ng? Bafuputsi ba Iseraele ba nahana hore lebaka la sena ke hobane mafapha a khiro—e leng ’ona a bitsetsang batho ho tla hlahlobeloa mosebetsi—a na le basali ba bangata. Makasine ea The Economist e re “taba e sa jeseng litheohelang ke hore mōna oo esale basali ba e-na le oona, o etsa hore ba khetholle ba batle ho ba feta.”

United States

Batho ba bararo ba sa rateng lintoa—moitlami ea lilemo li 82 le metsoalle ea hae e ’meli, e mong a le lilemo li 63 ha e mong a le lilemo li 57—ba sa tsoa kena sebakeng se sirelelitsoeng se Oak Ridge, Tennessee, moo ho behiloeng thepa ea nyutlelie e boima ba lithane tse 100, ’me ba ngola mapetjo a khahlanong le ntoa mohahong o mong moo. Steven Chu, e leng mongoli oa sebakeng seo o re ho nyehla ha tšireletso “sebakeng sena seo e neng e lokela ho ba sona se sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng, ke taba e sa jeseng litheohelang.”

Australia

Lekhotla le phahameng naheng eo le batla hore lik’hamphani tsa koae li tlose mebala e ikhethang le mapetjo lipaketeng tsa sakerete. Hona joale, lisakarete tsohle li lokela ho rekisoa li le ka lipaketeng tse bosootho bo thothofa tse nang le litšoantšo tse bontšang ka ho hlaka likotsi tsa ho tsuba.