Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA BO ENTSOE?

Boko bo Mamellang Serame ba Mosha oa Arctic

Boko bo Mamellang Serame ba Mosha oa Arctic

HA PHOOFOTSOANA ena e ipatelang serame mariha e qala ho robala, thempereichara ea eona e ea theoha. E ka theohela tlaase hakae? Ho bonahala thempereichara ea mesha e mengata ea arctic e theohela tlaase ka tsela e e-s’o ka e bonoa—e theohela ho likhato tse 2,9 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo! Re ne re ka lebella hore ha mosha o le thempereichareng eo, boko ba oona bo hoame. Mosha o phela joang maemong a tjee?

Ak’u nahane: Ka mor’a libeke tse peli kapa tse tharo mosha o ipatetse serame, o oa itlhekehla e le hore o khutlele thempereichareng ea oona ea tlhaho, e leng ea likhato tse 36,4 tsa Celsius ’me o qeta lihora tse 12 ho ea ho tse 15 o ntse o futhumetse. Bafuputsi ba re le hoja o iphuthumatsa ka nakoana, seo se boloka boko ba oona bo phela. Ho feta moo, ho bonahala eka nakong eo mosha o ipatetseng serame, hlooho ea oona e lula e futhumetse ho feta likarolo tse ling tsa ’mele. Ha ho ne ho etsoa liteko tsa laboratori, thempereichara e molaleng ea mesha e boletsoeng ka holimo ha e ea ka ea theohela ka tlaase ho likhato tse 0,7 tsa Celsius.

Ha nako ea hore mosha o ipatele mariha e fela, boko ba oona bo khutlela setloaeling le pele ho feta lihora tse peli. Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e re boko ba mosha bo sebetsa hantle le ho feta ha o tsoha borokong ba mariha! Litsebi li tsota tsela e hlollang eo boko bona bo sebetsang ka eona. Li bo tšoantša le joang bo melang matsatsi a se makae ka mor’a hore hlaha e chese moru.

Litsebi li tšepa hore seo li ithutileng sona ka mosha se tla li thusa ho utloisisa haholoanyane lintho tseo boko ba motho bo ka li finyellang. Li batla ho ithuta ka ho eketsehileng hore na li ka thibela kapa tsa phekola joang maloetse a senyang lisele tsa boko, a akarelletsang boloetse ba Alzheimer.

U nahana’ng ka see? Na boko bo mamellang serame ba mosha oa arctic bo bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na bo entsoe?