Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Katse ea Mahoatateng e Bonoang Seoelo

Katse ea Mahoatateng e Bonoang Seoelo

Ka mor’a ho emara likhoeli tse peli, e ka ’na ea tsoala malinyane a mararo

HARE-HARE lehoatateng, har’a mpa ea bosiu, katse ea mahoatateng e tsoa mokoting oa eona ebe e ea ema. E ea qamaka ebe e ea mamela ho utloa hore na ha ho na mokhoathatsanyana. Ka mor’a moo, e noanya lehlabatheng.

Ka tšohanyetso e pharumela toeba ea lehoatateng. Ka mor’a moo, e tsoela pele ho tsoma bosiu bohle, nako le nako e ntse e tlōlela holimo e qhautsa liphofu tse ngata. Haeba e tšoasa tse ngata ho feta tseo e ka li jang, e li koahela ka lehlabathe. E khutlela mokoting oa eona mesong ’me ke ka seoelo u ka e bonang motšehare. A k’u hlahlobe tse ling tsa lintho tse thahasellisang ka katse ena e bonoang seoelo:

  • Litsebe tse lethoethoe tsa katse ea mahoatateng li e thusa hore e utloe moo phofu ea eona e leng teng le haeba e le tlas’a lehlabathe

  • E lla haholo ha e batla e tona kapa e tšehali. Litsebe tse lethoethoe tsa e tšehali li e thusa hore e utloe ha e tona e lla e le hōle

  • Boea bo koahetseng maro a katse ea mahoatateng bo etsa hore e se ke ea tetebela lehlabatheng ’me boa a sireletsa ha lehlabathe le chesa kapa ha le bata

  •  Bokahare ba litsebe tsa eona bo na le boea bo botenya bo bosoeu bo thibelang lehlabathe hore le se ke la kena ka litsebeng

  • Ho thata ho fumana mohlala oa katse ea mahoatateng hobane bohato ba maoto a eona bo na le boea bo teteaneng bo patang mohlala

  • E ka khona ho phela ka metsi ao e a fumanang phofung ea eona

  • Lehlabathe la Lehoatateng la Kara-Kum le khona ho fihla mochesong oa likhato tse 80 tsa Celsius. Ka linako tse ling mohatsela o fihla likhatong tse 25 ka tlaase ho ntlha ea khoamo