Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINAHA LE BATHO

Ho Etela Azerbaijan

Ho Etela Azerbaijan

AZERBAIJAN ke eona e khōlō linaheng tse tharo tsa Caucasus Boroa. Hoo e ka bang lilemo tse sekete tse fetileng, Maturkey a ile a qala ho lula naheng ena ka bongata. A ile a qala ho amohela meetlo ea batho ba neng ba lula moo, ’me le bona ba amohela ea Maturkey. Kahoo, ha ho makatse hore ebe lipuo tsa Azerbaijani li tšoana haholo le Seturkey le Seturkmen.

Maazeri e leng batho ba Azerbaijani ba tsebahala ka ho ba sehlahlo le ho ba le botsoalle. Malapa a momahane a bile a itšetleha ka beng ka oona linakong tsa mathata.

Maazeri a rata ’mino le lithothokiso. ’Minong o mong oa bona o bitsoang mugam, sebini se etsa thothokiso ea teng ea khale ha e mong a ntse a letsa seletsa se itseng. Sebini sa mugam se lokela ho ba le tsebo e feletseng ea lipina tsohle tsa mugam le bokhoni ba ho qapa lipina tse ling.

Tee ke seno sa bohlokoa haholo ho batho ba Azerbaijan

Tee ke seno sa bohlokoa haholo ho batho ba Azerbaijan.  E fanoa ka khalase e bōpehileng joaloka pere, e tšeloa tsoekere mohlomong le makotomane a pistachio, lialmonde le morara o omisitsoeng. Matlo a rekisang tee a fumaneha esita le litoropong tse nyenyane haholo.

Ho elella ka bochabela ho naha ena ke Leoatle la Caspian, e leng moo ho fumanehang tlhapi e khōlō e bitsoang sturgeon. Tlhapi ena e ka phela lilemo tse fetang lekholo. E ’ngoe ea tse khōlō ka ho fetisisa tse kileng tsa tšoasoa e ne e le bolelele ba limithara tse 8,5 ’me e le boima ba lik’hilograma tse 1 297! Litlhapi tsa sturgeon li nkoa e le tsa bohlokoa ka lebaka la mahe a tsona—e leng sejo se tsebahalang le se turang se bitsoang caviar.

Maazeri ke batho ba ratang bolumeli le ba ratang ho bua ka Molimo. Boholo ba bona ke Mamosleme. Ho boetse ho na le lihlopha tse ling tsa bolumeli tse akarelletsang Lipaki Tsa Jehova tse fetang sekete—tseo boholo ba tsona e leng matsoalloa a Azerbaijan.

Libini tsa ’mino oa Maazeri

NA U NE U TSEBA?

Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele le batho ba limilione lefatšeng lohle, li sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E fumaneha ka lipuo tse fetang 250, ho akarelletsa Seazerbaijani.