Daniele 2:1-49

  • Morena Nebukadnezare o lora toro e mo tšoenyang (1-4)

  • Banna ba bohlale ha ba khone ho hlalosa toro eo (5-13)

  • Daniele o kopa thuso ho Molimo (14-18)

  • Molimo a ke a rorisoe ka lebaka la ho senola sephiri (19-23)

  • Daniele o hlalosetsa morena toro (24-35)

  • Tlhaloso ea toro (36-45)

    • Lejoe la ’muso le tla silakanya setšoantšo (44, 45)

  • Morena o tlotla Daniele (46-49)

2  Nebukadnezare o ile a lora litoro tse ngata ka selemo sa bobeli a busa. O ne a tšoenyehile+ hoo a neng a sa khone ho robala.  Morena a laela hore baprista ba maselamose, linohe, baloi le Bakalde* ba bitsoe hore ba tl’o mo bolella hore na o lorile’ng. Ba kena ’me ba ema ka pel’a morena.+  Morena a re ho bona: “Ho na le ntho eo ke e lorileng. Ke tšoenyehile hobane ke batla ho tseba hore na ke lorile’ng.”  Bakalde ba araba morena ka Searame*+ ba re: “Morena, u ke u phele ka ho sa feleng. Re bolelle toro ea hao, rona re tla u bolella tlhaloso ea eona.”  Morena a re ho Bakalde bao: “Qeto eo ke e entseng ke ena: Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa likoto ’me matlo a lona e tla ba matloana a sechaba.*  Empa haeba le ka mpolella toro le tlhaloso ea eona, ke tla le fa limpho le moputso ke be ke etse hore le hlomphuoe haholo.+ Joale mpolelleng toro eo le tlhaloso ea eona.”  Ba araba ka lekhetlo la bobeli ba re: “Morena re kopa u re bolelle toro ea hao, rona re tla u bolella tlhaloso ea eona.”  Morena a re: “Kea bona hore le leka ho lieha hobane le utloile qeto eo ke e entseng.  Haeba le sa mpolelle hore na ke lorile’ng, kaofela ha lona le tl’o fumana kotlo e tšoanang. Le lumellane ka ho mpolella leshano le tšepile hore ke tla fetola maikutlo. Ha le ka mpolella toro ea ka, ke tla tseba hore le tla khona ho ntlhalosetsa eona.” 10  Bakalde ba re ho morena: “Ha ho na motho lefatšeng ea ka khonang ho etsa ntho ena eo u e kopang morena. Ha ho na morena e moholo kapa letona le kileng la kopa baprista ba maselamose, linohe kapa Bakalde hore ba etse ntho e tjena. 11  Morena, ntho eo u e kopang e thata. Ha ho na motho ea ka khonang ho u bolella eona ntle le melimo e sa pheleng le batho.” 12  Ha morena a utloa sena, a halefa haholo eaba o laela hore banna bohle ba bohlale ba Babilona ba bolaoe.+ 13  Ka mor’a hore ho fanoe ka taelo eo ’me banna ba bohlale ba le haufi le ho bolaoa, ba ile ba batla Daniele le metsoalle ea hae hore le bona ba tl’o bolaoa. 14  Ka nako eo, Daniele a bua ka bohlale le Arioke mookameli oa balebeli ba morena, ea neng a tsoile hore a e’o bolaea banna ba bohlale ba Babilona. 15  O ile a botsa Arioke molaoli oa morena a re: “Ke hobane’ng ha morena a fane ka taelo e sehloho hakaale?” Eaba Arioke o bolella Daniele hore na ho etsahala’ng.+ 16  Daniele a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo. 17  Ka mor’a moo, Daniele a ea ntlong ea hae ’me a bolella metsoalle ea hae e leng Hanania, Mishaele le Azaria ka taba eo. 18  A ba kopa hore ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena e le hore Daniele le metsoalle ea hae ba se ke ba bolaoa hammoho le banna ba bang ba bohlale ba Babilona. 19  Bosiu Daniele a senoleloa sephiri seo ponong.+ Kahoo, Daniele a rorisa Molimo oa leholimo. 20  Daniele a re: “Lebitso la Molimo le ke le rorisoe ka ho sa felengHobane ke eena feela ea bohlale le ea matla.+ 21  O fetola linako le mehla,+O tlosa marena ebile o beha marena,+O hlalefisa ba bohlale ebile o fa ba nang le temoho tsebo.+ 22  O senola lintho tse tebileng le tse patehileng,+O tseba lintho tse lefifing+Ebile moo a leng teng o potolohiloe ke khanya.+ 23  Kea u leboha Molimo oa baholo-holo ba ka ebile kea u rorisa,U mphile bohlale le matlaEbile hona joale u ntsebisitse seo re u kopileng sona. U re tsebisitse ntho e tšoenyang morena.”+ 24  Ka mor’a moo, Daniele a ea ho Arioke eo morena a neng a mo khethile hore a bolaee banna ba bohlale ba Babilona,+ a re ho eena: “U se ke oa bolaea banna ba bohlale ba Babilona. Nkise ho morena ’me ke tla mo hlalosetsa toro.” 25  Arioke a isa Daniele ho morena ka potlako eaba o re ho eena: “Ke fumane monna e mong har’a Bajuda ba tlileng botlamuoeng,+ ea ka khonang ho u hlalosetsa toro morena.” 26  Morena a re ho Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare:+ “Na kannete u ka mpolella toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona?”+ 27  Daniele a re ho morena: “Banna ba bohlale, linohe, baprista ba maselamose le balepi ba linaleli, ha ba khone ho bolella morena sephiri seo a batlang ho se tseba.+ 28  Empa ho na le Molimo leholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri+ ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tl’o etsahala matsatsing a bofelo. Toro ea hao ke ena ’me tsena ke lipono tseo u li boneng ha u robetse betheng ea hao: 29  Morena, ha u ne u robetse u lorile* se tla etsahala nakong e tlang ’me Mosenoli oa liphiri o u tsebisitse se tla etsahala. 30  Ha kea senoleloa sephiri sena hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang bohle empa ke se senoletsoe e le hore ke tle ke u tsebise tlhaloso ea toro ea hao le hore u tsebe seo u neng u se nahana.+ 31  Morena, ha u ntse u lora o ile oa bona setšoantšo* se seholohali. Setšoantšo seo se neng se eme ka pel’a hao, se ne se le seholo ebile se khanya haholo ’me tsela eo se neng se shebahala ka eona e ne e tšosa. 32  Hlooho ea setšoantšo seo e ne e le ea khauta e ntle,+ sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera,+ mpa le lirope tsa sona e le tsa koporo,+ 33  meomo ea sona e le ea tšepe+ ’me maoto a sona e le a tšepe e kopaneng le letsopa.*+ 34  U ile oa sheba ho fihlela lejoe le khephoha empa le sa khepholoe ka matsoho. La otla setšoantšo maotong a sona a tšepe le letsopa ’me la a silakanya.+ 35  Ka nako eo, tšepe, letsopa, koporo, silevera le khauta, tsa silakanngoa kaofela ’me tsa e-ba joaloka ’moko o tsoang seotlong sa lehlabula. Moea oa li fefola kaofela ’me ha hoa ka ha sala letho. Empa lejoe le ileng la otla setšoantšo la fetoha thaba e kholo ’me la tlala lefatše lohle. 36  Morena, ena ke toro ea hao ’me hona joale re tla u bolella tlhaloso ea eona. 37  Morena, u morena oa marena eo Molimo oa leholimo a mo fileng ’muso,+ matla le khanya. 38  Hape o entse hore u buse batho hohle moo ba lulang teng hammoho le libata tsa naheng le linonyana tsa leholimo, o entse hore u li buse kaofela.+ Hlooho ea khauta ke uena.+ 39  Ka mor’a hao ho tla hlaha ’muso o mong,+ o tlasana ho uena ebe ka mor’a moo ho hlaha ’muso o mong oa boraro oa koporo o tla busa lefatše lohle.+ 40  ’Muso oa bone o tla ba matla joaloka tšepe.+ Joalokaha tšepe e thuhakanya le ho sila ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’muso ona o tla thuhakanya o be o felise mebuso ena kaofela.+ 41  Joalokaha u bone karolo e ’ngoe ea maoto le menoana e le letsopa la sebopi le kopaneng le tšepe, ’muso oo o tla arohana. Karolo e ’ngoe e tla ba thata joaloka tšepe joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo. 42  Joalokaha menoana ea maoto e le ea tšepe e kopaneng le letsopa, ’muso oo o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang. 43  Joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo, li tla tsoakana le batho empa li ke ke tsa khomarelana hore e be ntho e le ’ngoe feela joalokaha tšepe e sa kopane le letsopa. 44  Matsatsing a marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso+ o ke keng oa felisoa le ka mohla.+ ’Muso ona o ke ke oa fetisetsoa ho batho ba bang.+ O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela+ ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.+ 45  Ho tla ba joalokaha u bone lejoe le khephoha thabeng, le sa khepholoe ka matsoho le bile le silakanya tšepe, koporo, letsopa, silevera le khauta.+ Molimo e Moholo o u tsebisitse hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.+ Toro ena ke ’nete ’me tlhaloso ea eona ea tšepahala.” 46  Ka mor’a moo, Morena Nebukadnezare a khumama* ka pel’a Daniele a bontša hore oa mo tlotla. A boela a laela hore a fuoe mpho le hore a chesetsoe libano. 47  Morena a re ho Daniele: “Kannete Molimo oa lona ke Molimo oa melimo le Morena oa marena le Mosenoli oa liphiri hobane o entse hore u khone ho ntšenolela sephiri sena.”+ 48  Morena a beha Daniele boemong bo phahameng ’me a mo fa limpho tse ngata tse ntle eaba o mo etsa ’musi oa profinse eohle ea Babilona+ le molaoli ea ka sehloohong oa banna bohle ba bohlale ba Babilona. 49  Morena a etsa Shadrake, Meshake le Abednego+ batsamaisi ba profinse ea Babilona feela joalokaha Daniele a ne a kopile. Daniele eena o ne a sebeletsa ntlong ea morena.

Linaletsana

E leng sehlopha sa litsebi tsa bonohe le bolepi ba linaleli.
Qalong Da 2:4b ho ea ho 7:28 e ne e ngotsoe ka puo ea Searame.
Kapa mohlomong: “moo ho lahleloang matlakala teng; qubu ea bolokoe.”
Ka Searame: “menahano ea hao e u bontšitse.”
Kapa: “seemahale.”
Kapa: “letsopa le bopiloeng.”
A thetsitse fatše ka hlooho.