Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Bone ho Hloka Toka Hohle

Ke Bone ho Hloka Toka Hohle

KE hlahile ka 1965, ke hlahela lelapeng le futsanehileng Ireland Leboea. Ke hōletse Seterekeng sa Derry nakong ea ntoa e mabifi e nkileng lilemo tse fetang 30, eo ho eona Mak’hatholike a neng a loantšana le Maprostanta. Mak’hatholike a fokolang ka palo a ne a nka hore a khetholloa ke Maprostanta a mangata, a a qosa ka hore a utsoitse likhetho, a entse maano a hatellang, a a thibela ho fumana mosebetsi le matlo.

Ke bone ho hloka toka le khethollo hohle. Mapolesa le masole a ’nile a nkotla ka makhetlo a se nang palo, khafetsa a ntheola ka koloing a ntšupile ka sethunya, a ntlhoma lipotso le ho mphenya-phenya. Ke ne ke bona hore a ntšoere hampe, eaba ke re ka pelong, ‘Ntho li peli, ke amohela boemo bona, kapa kea bo loantša!’

Ka 1972, ke ile ka kenela mohoanto o bitsoang Bloody Sunday, ho tšoara sehopotso sa batho ba 14 ba ileng ba thunngoa ke masole a Brithani, hape ka kenela mohoanto o neng o tlotla batšoaruoa ba ileng ba shoa ka 1981 ka lebaka la ho itima lijo. Ke ne ke hloma lifolakha tse thibetsoeng ke bile ke ngola mapetjo a khahlanong le ’muso oa Brithani hohle moo nka khonang. Ho ne ho bonahala eka ho lula ho e-na le Mok’hatholike ea tšoaroang  ka sehlōhō kapa ea bolaoang, e leng se neng se etsa hore ho be le mekoloko ea boipelaetso. Mehoanto eo e ne e atisa ho qetella ka meferefere.

Ha ke le univesithi, ke ile ka ikopanya le liithuti tse ling ho ipelaetsa ka tikoloho. Hamorao ke ile ka fallela London, ’me ha ke le moo ka kenela mehoanto ea Masoshiale ha a ipelaetsa khahlanong le maano a ’muso ao ho neng ho bonahala eka a ruisa barui le ho futsanehisa mafutsana le ho feta. Ke ile ka kenela literaeke tsa mekhatlo ea basebetsi tse khahlanong le ho fokotsoa ha meputso, ’me ka 1990 ka kenela mohoanto o neng o le khahlanong le hore batho ka bomong ba lefisoe lekhetho, oo ho oona baipelaetsi ba ileng ba senya Trafalgar Square hampe.

Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka nyahama. Ho e-na le ho finyella seo re se batlang, mehoanto e ne e fehla moea oa lehloeo.

Le hoja ba ka ’na ba e-ba le sepheo se setle, batho ba ke ke ba atleha ho tlisa toka

Ke nakong ena moo motsoalle oa ka a ileng a nkopanya le Lipaki Tsa Jehova. Li ile tsa mpontša ka Bibeleng hore Molimo o oa tsotella ha re hlaheloa ke mahlomola le hore o tla etsolla tšenyo eohle eo batho ba e bakileng. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:3, 4) Le hoja ba ka ’na ba e-ba le sepheo se setle, batho ba ke ke ba atleha ho tlisa toka. Re hloka tataiso ea Molimo le matla a hae e le hore re hlōle makhotla a sa bonahaleng a bakang mahlomola mona lefatšeng.—Jeremia 10:23; Baefese 6:12.

Hona joale ke nka hore ho ipelaetsa ha ka khahlanong le ho hloka toka ho ne ho tšoana le ho beha litulo hantle ka sekepeng se tebang. Ho tseba hore nako ea tla eo ka eona batho bohle ba tlang ho phela ho se na ho hloka toka lefatšeng mona, ebile ba lekana e le kannete, ho entse hore ke ikutloe ke lokolohile.

Bibele e ruta hore Jehova Molimo “o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Lena ke le leng la mabaka a ka re kholisang hore o tla tlisa toka ka tsela eo mebuso ea batho e ke keng ea khona ho e tlisa. (Daniele 2:44) Haeba u rata ho ithuta ho eketsehileng ka taba ena, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ee Websaeteng ea rōna ho www.pr418.com/st.