Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Seo U ka se Etsang ha Ngoana a Ithaburanya

Seo U ka se Etsang ha Ngoana a Ithaburanya

BOTHATA

Ha ngoana ea lilemo li peli a koatile a ka ’na a lla, a tapa-tapa le ho itabanya fatše. U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ngoana oa ka o tšoana le bana ba bang? Na o ithaburanya hobane ho e-na le ntho e fosahetseng eo ke e etsang? Na ha a hōla o tla tlohela ho etsa see?’

U ka thusa ngoana oa hao ea lilemo li peli hore a fetole tsela eo a itšoarang ka eona. A re qale ka ho hlahloba hore na sena se ka ’na sa bakoa ke eng.

LEBAKA LE ETSANG HORE A ITHABURANYE

Bana ba banyenyane ha ba tsebe ho laola maikutlo a bona. Lena ke lebaka le ka etsang hore ba ithaburanye ka linako tse ling. Empa hase lona feela.

Ak’u nahane ka liphetoho tseo ngoana a fetang ho tsona ha a le lilemo li ka bang peli. Ho tloha ha a hlaha, batsoali ba ’nile ba mo etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e hlokang. Ka mohlala, ha a lla, ba tla ba matha. ‘Ebe oa kula, o batla lijo, o batla ho sikoa kapa o batla ho chenchoa leleiri?’ Batsoali ba etsa ntho leha e le efe ho mo tholisa. Ho ne ho nepahetse ho etsa joalo kaha ngoana o itšetlehile ka ho feletseng ka batsoali ba hae.

Empa ha ngoana a le lilemo li ka bang peli, o qala ho hlokomela hore batsoali ba hae ha ba etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Ha e le hantle, ho e-na le hore ba etse seo a se batlang, ba lebeletse hore a etse seo bona ba se batlang. Kaha lintho li fetohile joale, ngoana a ka ’na a qala ho ipelaetsa—mohlomong a bontša seo ka ho ithaburanya.

Ha nako e ntse e ea, ka tloaelo ngoana o amohela ’nete ea hore batsoali ke barupeli ba hae, eseng feela bahlokomeli. Mohlomong le eena o tla hlokomela hore o lokela ho ‘mamela batsoali ba hae.’ (Bakolose 3:20) Ho sa le joalo, a ka ’na a etsa sohle se matleng a hae ho leka mamello ea batsoali ba hae.

 SEO U KA SE ETSANG

Utloisisa boemo. Ngoana oa hao hase motho e moholo. Kaha ha a e-s’o tsebe ho laola maikutlo a hae, a ka ’na a ithaburanya ha a koatile. Leka ho utloisisa kamoo ngoana a bonang lintho kateng.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 13:11.

Lula u khobile matšoafo. Ho halefela ngoana ha a ithaburanya, ho ke ke ha thusa ka letho. Leka ka matla ho iphapanya ha a ithaburanya, u se ke ua mo halefela. Ho hopola hore na ke hobane’ng ha a ithaburanya ho tla u thusa hore u lule u khobile matšoafo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 19:11.

Ema ka tieo ho seo u se buang. Haeba u inehela ha ngoana oa hao a batla ntho e itseng, a ka ’na a ithaburanya hape nakong e tlang ha a batla ho hong. Bua le ngoana u khobile matšoafo ho bontša hore u tiile ka seo u se buang.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 5:37.

Ho hopola hore na ke hobane’ng ha a ithaburanya ho tla u thusa hore u lule u khobile matšoafo

E-ba le mamello. U se ke ua lebella hore ngoana a khaotse ka ho panya ha leihlo, haholo haeba u ile ua tloaela ho mo fa ntho eo a e batlang ha a ithaburanya. Empa haeba u lula u etsa se nepahetseng, ho ithaburanya ho ka ’na ha fokotseha. Qetellong, ho tla emisa ka ho feletseng. Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa.”—1 Bakorinthe 13:4.

U ka boela ua leka tse latelang:

  • Ha ngoana a qala ho ithaburanya, mo nke (haeba ho khoneha) e le hore a se ke a ithaburanya, empa u se ke ua mo utloisa bohloko. U se ke ua mo etsetsa lerata. Mo emele hore a kokobele. Qetellong ngoana o tla hlokomela hore ho ithaburanya ha hoa mo tsoela molemo oa letho.

  • Khetha sebaka seo u tla beha ngoana ho sona haeba a ithaburanya. Mo bolelle hore o tla tloha moo ha a se a theotse maikutlo, ebe ua mo siea.

  • Ha ngoana a ithaburanya le har’a batho, mo tlose moo a bonoang ke batho. U se ke ua inehela hobane feela a u bitsetsa mahlo. Kaha seo se ka mo fa maikutlo a hore ha a ithaburanya, o tla fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.