Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 10

Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Joang?

“Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”

Pesaleme ea 37:29

“Lefatše le lula le le teng ho ea ho ile.”

Moeklesia 1:4

“O tla felisa lefu ka ho sa feleng. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”

Esaia 25:8

“Ka nako eo, mahlo a lifofu a tla tutuboloha le litsebe tsa ba sa utloeng li bulehe. Ka nako eo, ea holofetseng o tla tlola-tlola joaloka khama, ea sa khoneng ho bua o tla hoeletsa a thabile. Metsi a tla kolla lefeelleng le melapo e phalle lehoatateng.”

Esaia 35:5, 6

“O tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”

Tšenolo 21:4

“Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona, ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang. Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate. Sechaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.”

Esaia 65:21, 22