Kosepele ea Matheu 22:1-46

  • Papiso ea mokete oa lenyalo (1-14)

  • Molimo le Sesare (15-22)

  • Potso ea tsoho ea bafu (23-33)

  • Litaelo tse peli tse kholo (34-40)

  • Na Kreste ke mora oa Davida? (41-46)

22  Jesu a boela a ba etsetsa lipapiso a re:  “’Muso oa maholimo o ka tšoantšoa le morena ea ileng a etsetsa mora oa hae mokete oa lenyalo.+  A roma makhoba a hae ho e’a bitsa ba memetsoeng moketeng empa ba hana ho tla.+  A boela a roma makhoba a mang a re: ‘Bolellang bamemuoa hore ke ba etselitse lijo tsa motšehare. Ke hlabile lipoho le liphoofolo tse ling tse nontšitsoeng, lintho tsohle li lokile, ba tle moketeng.’  Empa bamemuoa ba se ke ba a tsotella, ba itsamaela. E mong a ea tšimong ea hae, e mong a ea khoebong ea hae.+  Ba bang kaofela ba tšoara makhoba a hae, ba a rohaka ’me ba a bolaea.  Morena a halefa eaba o roma masole a hae ho bolaea babolai bao, a ba a chesa motse oa bona.+  A re ho makhoba a hae: ‘Lintho tsohle li lokile bakeng sa mokete empa batho ba menngoeng ba ne ba sa tšoanelehe.+  Ka hona, e-eang litseleng tse kholo ebe le mema motho e mong le e mong eo le tla mo fumana hore a tle moketeng.’+ 10  Ka lebaka leo, makhoba ao a tsamaea eaba a bokella bohle bao a ba fumaneng, ba lokileng le ba khopo ’me ba lula litafoleng, holo ea lechato ea tlala. 11  Ha morena a kena ho tla bona baeti, a bona monna e mong ea sa aparelang ho tla moketeng. 12  Kahoo, a re ho eena: ‘Monn’a heso, u kene joang ka moo u sa aparela ho tla moketeng?’ A sitoa ho araba. 13  Eaba morena o re ho bahlanka ba hae: ‘Mo tlameng maoto le matsoho le mo lahlele ka ntle lefifing. Ke hona moo a tla lla le ho tsikitlanya meno teng.’ 14  Ba menngoeng ba bangata empa ho khethiloe ba seng bakae.” 15  Joale Bafarisi ba tsamaea ’me ba rerisana hore ba mo tšoare ka lipuo tsa hae.+ 16  Kahoo, ba romela barutuoa ba bona ho eena hammoho le balateli ba Heroda+ ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore u ruta tsela ea Molimo ka ’nete le hore ha u reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha u shebe ponahalo ea batho. 17  Re bolelle, u re’ng ka taba ee? Na ka molao* motho o lokela ho patala lekhetho ho Sesare kapa che?” 18  Empa kaha Jesu o ne a tseba merero ea bona e fosahetseng, a re: “Baikaketsi, le ntekela’ng? 19  Mpontšeng chelete ea tšepe e patalang lekhetho.” Ba mo fa denari.* 20  A re ho bona: “Setšoantšo le mongolo oo ke tsa mang?” 21  Ba re: “Ke tsa Sesare.” Eaba o re ho bona: “Ka hona, le fe Sesare lintho tsa hae le Molimo le mo fe tsa hae.”+ 22  Ha ba utloa a cho joalo, ba hlolloa eaba baa tsamaea. 23  Letsatsing leo Basaduse, ba reng ha ho na tsoho ea bafu,+ ba tla ho eena ba re:+ 24  “Mosuoe, Moshe o ile a re: ‘Haeba monna a shoa a se na bana, ngoan’abo o tla nyala mosali oa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.’+ 25  Joale ho ne ho e-na le bana ba motho ba supileng. Oa pele a nyala empa a shoa a se na bana eaba ngoan’abo o nyala mohlolohali eo. 26  Ntho e tšoanang ea hlahela oa bobeli le oa boraro, ho fihlela ho oa bosupa. 27  Qetellong le eena mosali eo a shoa. 28  Ha ba se ba tsositsoe, mosali eo e tla ba oa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?” 29  Jesu a re ho bona: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.+ 30  Ha batho ba se ba tsositsoe, ba ke ke ba nyala kapa ba nyaloa empa ba tla tšoana le mangeloi leholimong.+ 31  Le balile ka tsoho ea bafu. Na ha lea ka la bala moo Molimo a neng a re ho lona: 32  ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+ Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu.”+ 33  Batho ba ne ba hloletsoe ha ba utloa lintho tseo a li rutang.+ 34  Ha Bafarisi ba utloa hore Basaduse ba ne ba sa khone ho mo araba, ba tla ho eena. 35  E mong oa bona, eo e leng setsebi sa Molao, a mo leka ka ho re: 36  “Mosuoe, taelo e kholo ke efe Molaong?”+ 37  A re ho eena: “‘U rate Jehova* Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea* oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’+ 38  Ena ke eona taelo e kholo, ea pele. 39  Ea bobeli e tšoanang le eona ke ena: ‘U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.’+ 40  Molao oohle le mantsoe a Baprofeta a tsoa litaelong tsena tse peli.”+ 41  Ha Bafarisi ba ntse ba bokane, Jesu a re ho bona:+ 42  “Le nahana joang ka Kreste? Ke mora oa mang?” Ba re ho eena: “Oa Davida.”+ 43  A re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa susumelletsa Davida+ hore a mo bitse Morena, a re: 44  ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”’?+ 45  Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”+ 46  Ha ho ea ileng a khona ho mo araba. Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ha ho le ea mong ea ileng a iteta sefuba ho mo botsa hape.

Linaletsana

Kapa: “nepo.”