Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela

Molimo o sebelisa Bibele e Halalelang ho bua le rona. Re lokela ho ithuta eona e le hore re tsebe Mongoli oa eona. (Johanne 17:3; 2 Timothea 3:​16) Ka har’a eona, Jehova Molimo o re bolella morero oa hae ka batho le ka lefatše.​—Genese 3:15; Tšenolo 21:3, 4.

Ha ho na buka e ’ngoe e khonang ho fetola bophelo ba batho joaloka Bibele. E re thusa ho etsisa makhabane a Jehova a kang lerato, mohau le mosa. E fa batho tšepo ’me tšepo eo e ba thusa hore ba mamelle esita le mathata a boima ka ho fetisisa. Hape e senola lintho tse teng lefatšeng tse sa lumellaneng le thato ea Molimo.​—Pesaleme ea 119:105; Baheberu 4:12; 1 Johanne 2:15-17.

Qalong Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu, Searame le Segerike. Hona joale e se e fetoletsoe ka lipuo tse ka holimo ho 3 000 e feletse kapa e sa fella. Har’a libuka tsohle tse kileng tsa e-ba teng, ke eona buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata ka ho fetisisa le eo batho ba bangata ka ho fetisisa ba nang le eona. Ha ho letho le mohlolo ka taba ena hobane Bibele e ile ea profeta ea re: “Litaba tse monate tsa ’Muso [e leng molaetsa oa sehlooho o ka Bibeleng] li tla boleloa lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14.

Kaha rea utloisisa hore na molaetsa oa Bibele o bohlokoa hakae, morero oa rona esale e le ho fetolela Bibele ka tsela e fetisang hantle molaetsa o tšoanang le oa ha e ne e ngoloa le ho o fetisa ka tsela e hlakileng le e tla etsa hore motho a e bale habonolo. Sehlooho se reng “Lintlha Tse Latetsoeng ha ho Fetoleloa Bibele,” se reng “Lintho Tseo U Tla li Fumana Bibeleng Ena” le se reng “Bibele e Fihlile Joang ho Rona?” li bua ka tse ling tsa lintlafatso tse entsoeng phetolelong ena.

Batho ba ratang Jehova Molimo le ba mo rapelang ba hloka phetolelo e hlakileng le e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. (1 Timothea 2:4) Ka lebaka leo, re entse hore phetolelo ena e ntlafalitsoeng e fumanehe ka Sesotho kaha morero oa rona ke ho etsa hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumanehe ka lipuo tse ngata kamoo ho ka khonehang. Re rapella hore phetolelo ena ea Mangolo a Halalelang e u tsoele molemo uena ’mali oa rona eo re mo ratang, ha u ntse u leka ho ‘batla Molimo.’—Liketso 17:27.

Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha

August 2013