Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 14

U ka Sebelisa Lintho Tseo u Nang le Tsona Hantle Joang?

“Ea ratang menate e tla ba mofutsana, ea ratang veine le oli a ke ke a rua.”

Liproverbia 21:17

“Ea alingoang ke lekhoba la motho ea mo alimang.”

Liproverbia 22:7

“Ho lona moo, ke mang eo e reng ha a batla ho haha tora, a sa luleng fatše pele ebe o etsa likhakanyo tsa litšenyehelo ho bona hore na o tla hloka thepa e kae hore a e qete? Ho seng joalo, a ka ’na a haha motheo oa eona feela ebe ha a khone ho e qeta. Joale batho ba mo bonang ba tla mo tšeha ba re: ‘Motho enoa o sitiloe ho qeta mohaho oa hae, o khonne ho haha motheo feela.’”

Luka 14:28-30

“Ha ba se ba khotše a re ho barutuoa ba hae: ‘Bokellang lijo tse setseng e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.’”

Johanne 6:12