Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 A2

Lintho Tseo U Tla li Fumana Bibeleng Ena

Ka 1950, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane. Ka 1961 teng ho ile ha hatisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane e feletseng. Ho tloha ka nako eo, batho ba bangata ba fumane melemo ea ho bala Bibele ena e utloahalang e fetoletsoeng ka lipuo tse fetang 210 ho tsoa mangolong a boholo-holo.

Leha ho le joalo, ho se ho fetile lilemo tse fetang 50 joale Bibele ena e le teng ’me lipuo li fetohile. Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha ea hona joale e ile ea bona ho hlokeha hore Bibele e ntlafatsoe e le hore e ame maikutlo a batho ba e balang mehleng ena. Ka lebaka leo, ho fetotsoe mantsoe a ’maloa le tsela eo a behoang ka eona ho ea ka lintlha tse latelang:

  • Ho sebelisoa puo e utloahalang e buuoang mehleng ena. Ka mohlala, lentsoe “bohlola” le fetoletsoe e le “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,” “boitšoaro bo hlephileng” e le “boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe” ’me “mekete e lerata” e le “liphathi tse sa laoleheng.” (Bagalata 5:19-21) Poleloana “monna oa semumu” e se e fetoletsoe e le “monna ea sa khoneng ho bua.” (Matheu 9:32, 33) Lentsoe “seotsoa” le se le fetoletsoe e le “letekatse.” (Genese 38:15) Poleloana e reng “nakong e sa lekanyetsoang” e se e fetoletsoe ka lipoleloana tse kang “ka ho sa feleng,” “ho ea ho ile” kapa “mehleng ea boholo-holo” ho latela hore na ho buuoa ka eng.—Genese 3:22; Moeklesia 1:4; Mikea 5:2.

    Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoeng pele ho ena, e na le mantsoe a mang a Seheberu a fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe. Ka lebaka leo, ho ne ho e-ba thata hore ’mali a utloisise hore na ho buuoa ka eng. Phetolelong ena e ntlafalitsoeng, mantsoe ao a fetoletsoe ka tsela e fetisang moelelo hantle. Ka mohlala, ho 1 Samuele 25:22 ho ne ho sebelisitsoe mantsoe a Seheberu a nyatsang banna a reng “ea ntšetsang metsi lerakong” empa hona joale ho se ho sebelisitsoe lentsoe “banna” ho hlakisa hore na ho buuoang ka eng.

  • Mantsoe a Bibele a hlakisitsoe. Mantsoe a mang a sebelisitsoeng Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoeng pele ho ena, a ne a hloka ho hlalosoa hore a utloisisoe hantle. Ka mohlala, Bibele e sebelisa lentsoe la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” ha e bua ka lebitla. Batho ba bangata ha ba tsebe mantsoe ao ebile lentsoe “Hadese” le sebelisoa litšomong tsa Segerike hape le ka utloisisoa ka litsela tse ngata. Ka lebaka leo, mantsoe ao a mabeli a nketsoe sebaka ke lentsoe “Lebitla,” e leng seo bangoli ba Bibele ba neng ba hlile ba bua ka sona. Hona joale mantsoe “Sheole” le “Hadese” a se a hlaha naletsaneng.—Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:27.

    Lentsoe la Seheberu e leng neʹphesh le la Segerike e leng psy·kheʹ le fetoletsoe e le “moea” Libibeleng tse ling tsa Sesotho. Leha ho le joalo, eo ha se eona tsela e nepahetseng ea ho fetolela mantsoe ao hobane lentsoe moea le buella thuto ea leshano ea hore moea ha o shoe. Ha e le hantle, mantsoe ao a bolela (1) batho, (2) liphoofolo kapa (3) bophelo ba batho kapa ba liphoofolo. (Genese 1:20; 2:7; Numere 31:28; 1 Petrose 3:20) Kahoo, Bibeleng ena mantsoe ana a pele-pele hangata a fetoletsoe ho ea ka hore na ho buuoa ka eng temaneng e ’ngoe le e ’ngoe. Ho sebelisitsoe mantsoe a kang “bophelo,” “sebopuoa” kapa “motho.” Mantsoe ao a boetse a bolela motho ea shoeleng kapa setopo. (Numere 6:6; Hagai 2:13) Ha ho buuoa ka ho etsa ntho ka moea oohle ho bolela ho e etsa ka pelo ea hao eohle kapa ka sohle seo u nang le sona.—Deuteronoma 6:5; Matheu 22:37.

    Lentsoe le leng le tlohetsoeng le le joalo ka Bibeleng ke “liphio” haeba ho buuoa ka setho sa ’mele oa motho. Leha ho le joalo, ho Pesaleme ea 7:9, 26:2 le ho Tšenolo 2:23, le sebelisitsoe ho tšoantšetsa ho hong. Litemaneng tseo le fetoletsoe e le “maikutlo a ka hare-hare” kapa “menahano e tebileng” ho hlalosa seo ho buuoang ka sona ebe ho kenngoa naletsana ho bontša hore lipuong tsa khale ho ne ho sebelisitsoe lentsoe liphio.

    Mantsoe a mang a fetoletsoeng ho ea ka hore na ho ne ho buuoa ka eng ke “nonneng,” “nama” le “lenaka.” (Genese 45:18; Moeklesia 5:6; Jobo 16:15) A mang a mantsoe ana a hlalosoa ho “Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele.”

    Bibeleng ena ha ho sebelisoe mantsoe “sefapano” kapa “ho thakhisa” joalokaha Libibele tse ling tsa Sesotho tse fetoletseng Mangolo a Bakreste a Segerike li entse. Ho e-na le hoo, ho sebelisoa mantsoe a kang ‘palo’ le ‘ho khokhothela palong’ ho hlalosa seo lentsoe la Segerike e leng stau·rosʹ, le se bolelang.—Matheu 10:38; Luka 24:20.

  • Ho sebelisitsoe mantsoe a thusang babali ho utloisisa hore na ho buuoa ka bo-mang. Ka Seheberu le ka Segerike ho na le mantsoe a mang a bontšang hore ho buuoa ka monna kapa ka mosali ’me ka linako tse ling Segerike ha se hlalose. Haeba mantsoe ao a Seheberu le a Segerike a ka fetoleloa a le joalo, ka linako tse ling ho ka ’na ha se ke ha hlaka hore na ho buuoa ka bo-mang. Hangata ka Seheberu le ka Segerike ha ho buuoa ka batho ba bangata ho sebelisoa mantsoe a hlalosang batho ba batona, le hoja ho ntse ho buuoa ka banna le basali. Ka mohlala, mantsoe a reng “bara ba Iseraele” a ka ’na a sebelisoa ha ho buuoa ka bara ba 12 ba Jakobo empa hangata a bua ka sechaba sohle sa Iseraele, se akareletsang banna le basali. (Genese 46:5; Exoda 35:29) Hona joale, ha ho buuoa ka sechaba sohle ho sebelisitsoe “Baiseraele.” Hape mantsoe a kang “moshanyana ea se nang ntate” a ile a fetoloa hore e be “ngoana ea se nang ntate” kapa “khutsana” ho bontša hore ho buuoa ka moshanyana kapa ngoanana.

    Pele ho etsoa liphetoho Bibeleng ena ho ile ha rapeloa ’me liphetoho li ile tsa etsoa ka hloko ho nahannoe ka mosebetsi o tsoileng matsoho o entsoeng ke Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha.

Likarolo tse ling tse thusang tse Bibeleng ena:

Bibele ena e na le linaletsa. Li arotsoe ka tsela ena:

  • “Kapa” E bontša litsela tse ling tseo mantsoe a Seheberu, Searame kapa Segerike a ka fetoleloang ka tsona empa a ntse a bolela ntho e tšoanang.—Genese 1:2, naletsana ho “moea o halalelang oa Molimo”; Joshua 1:8, “lentsoe le tlase.”

  • “Kapa mohlomong” E bontša litsela tse ling tseo mantsoe a ka fetoleloang ka tsona empa a fetisa moelelo o fapaneng.—Genese 25:18, “haufi le bana babo kaofela”; Zakaria 14:21, “Mokanana.”

  • “Ka Seheberu; Ka Searame; Ka Segerike” Li bontša litsela tse ling tseo mantsoe a Seheberu, Searame kapa Segerike a fetoletsoeng ka tsona lentsoe ka lentsoe kapa moelelo oa mantsoe a mang ka lipuo tseo.—Genese 30:22, “ime”; Exoda 32:9, “manganga.”

  • Litlhaloso tsa seo ho buuoang ka sona Litlhaloso tsa mabitso (Genese 3:17, “Adama”; Exoda 15:23, “Mara”); lintlha tse hlalosang boima le bolelele ba lintho (Genese 6:15, “limithara tse ka bang”); ha ho sebelisitsoe leemeli ho hlalosa hore na ho buuoa ka mang (Jeremia 6:27, “o”); lintho tse ka thusang ’mali tse hlahang karolong ea Lintlha le Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele.—Genese 37:35, “Lebitleng”; Matheu 5:22, “Gehena.”

Karolo e qalang ea Bibele ena e bitsoang “Selelekela sa Lentsoe la Molimo,” e na le lithuto tsa bohlokoa tse fumanoang ka Bibeleng. Ka mor’a buka ea Tšenolo ho na le karolo ea “Lethathamo la Libuka Tsa Bibele,” “Tatellano ea Mantsoe a Bibele” le “Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele.” Litlhaloso Tsa Mantsoe a Bibele li thusa ’mali hore a utloisise mantsoe a mang a sebelisitsoeng ka Bibeleng. Karolo ea Lintlha Tsa A e na le: “Lintlha Tse Latetsoeng ha ho Fetoleloa Bibele,” “ Lintho Tseo U Tla li Fumana Bibeleng Ena,” “Bibele e Fihlile Joang ho Rona?” “Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu,” “Lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste,” “Chate: Baprofeta le Marena a Juda le a Iseraele” le “Lintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatšeng.” Karolo ea Lintlha Tsa B e na le limmapa, lichate le lintlha tse ling tse ka thusang batho ba ithutang Bibele ka botebo.

Bibeleng ena, buka e ’ngoe le e ’ngoe e qala ka karolo e akaretsang lintlha tsa khaolo e ’ngoe le e ’ngoe hammoho le litemana tse tsamaisanang le khaolo eo, ho thusa ’mali ho utloisisa hore na buka eo kaofela e bua ka eng. Lethathamo le bohareng ba leqephe le leng le le leng le na le litemana tse ling tse neng li le teng Bibeleng e hatisitsoeng pele ho ena tse bontšang hore temana eo e tsamaisana le litemana life tse ling tsa Bibele.