Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 8

Na ke Molimo ea etsang hore batho ba be le mathata?

“Ha se ntho e utloahalang hore Molimo oa ’nete a etse bokhopo le hore Ea Matla ’Ohle a etse ntho e fosahetseng!”

Jobo 34:10

“Ha motho a hlaheloa ke mathata a se ke a re: ‘Ke lekoa ke Molimo.’ Molimo ha a lekoe ka lintho tse mpe ’me le eena ha a leke motho leha e le ofe ka tsona.”

Jakobo 1:13

“Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho eena hobane oa le tsotella.”

1 Petrose 5:7

“Jehova ha a liehe ho phethahatsa tšepiso ea hae joalokaha batho ba bang ba nka hore oa lieha. Ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”

2 Petrose 3:9