Kosepele ea Matheu 2:1-23

  • Balepi ba linaleli ba tla Jerusalema (1-12)

  • Ba balehela Egepeta (13-15)

  • Heroda o bolaea bana ba bashanyana (16-18)

  • Ba khutlela Nazaretha (19-23)

2  Ka mor’a hore Jesu a hlahele Bethlehema+ e Judea mehleng ea puso ea Morena Heroda,*+ balepi ba linaleli* ba tsoang ka Bochabela ba tla Jerusalema  ba re: “O kae morena oa Bajuda ea sa tsoa hlaha?+ Re bone naleli e re tataisetsang ho eena ha re le ka Bochabela joale re tletse ho tla mo tlotla.”*  Ha Morena Heroda le batho bohle ba Jerusalema ba utloela ka taba ena ba halefa haholo.  Morena a bokella baprista bohle ba baholo le bangoli ba sechaba a ba botsisisa hore na Kreste* o lokela ho hlahela hokae.  Ba re ho eena: “Bethlehema+ e Judea hobane moprofeta o ile a bua ka taba ena ha a re:  ‘Uena Bethlehema oa naha ea Juda, ho hang ha u motse o monyenyane haholo mahlong a babusisi ba Juda kaha ho uena ho tla tsoa ea busang, ea tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele.’”+  Heroda a bitsetsa balepi ba linaleli sephiring ’me a ba botsisisa hore na naleli eo e qalile ho bonahala neng.  A ba romela Bethlehema a re: “E-eang le e’o batlisisa hore na ngoana eo o hokae. Ha le mo fumane le khutle le ntsebise e le hore le ’na ke e’o mo khumamela.”  Ka mor’a hore morena a ba fe taelo eo, ba tsamaea eaba naleli eo ba e boneng ha ba le ka Bochabela+ e ba etella pele ho fihlela e ema holim’a sebaka seo ngoana eo a neng a le ho sona. 10  Ha ba bona naleli ba thaba haholo. 11  Ha ba kena ka tlung ba fumana ngoana le ’mè oa hae Maria. Ba khumama ba mo tlotla. Ba ne ba e-na le matlotlo ’me ba mo fa khauta, libano tse tšoeu le mira e le limpho. 12  Empa kaha Molimo o ile a ba laela torong+ hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba khutlela naheng ea habo bona ka tsela e ’ngoe. 13  Ha ba qeta ho tloha, lengeloi la Jehova* la hlaha ho Josefa torong,+ la re: “Tsoha, u nke ngoana le ’mè oa hae u balehele Egepeta. U lule moo ho fihlela ke u laela hore u khutle hobane Heroda o tl’o batla ngoana eo e le hore a mo bolaee.” 14  Kahoo, Josefa a tsoha bosiu a nka ngoana le ’mè oa hae ’me a tloha ho ea Egepeta. 15  A lula moo ho fihlela Heroda a shoa. Ha phethahala mantsoe ao Jehova* a ileng a a bua ka moprofeta oa hae ha a re: “Ke bitsitse mora oa ka hore a tsoe Egepeta.”+ 16  Eitse ha Heroda a hlokomela hore balepi ba linaleli ba mo tsoile tlase, a halefa haholo eaba o laela hore ho bolaoe bana bohle ba bashanyana Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona, ho tloha ka ba lilemo li peli ho ea tlase, ho latela nako eo balepi ba linaleli ba neng ba e boletse.+ 17  Eaba ho phethahala mantsoe ao Molimo a a buileng ho moprofeta Jeremia ha a re: 18  “Lentsoe le utloahetse Rama, seboko le sello se bohloko. E ne e le Ragele+ a llela bana ba hae, a sa tšelisehe hobane bana ba hae ha ba sa le eo.”+ 19  Ka mor’a hore Heroda a shoe, lengeloi la Jehova* la hlaha ho Josefa torong+ a le Egepeta. 20  La re: “Tsoha, u nke ngoana le ’mè oa hae u ee naheng ea Iseraele kaha ba neng ba batla ho bolaea ngoana ba shoele.” 21  Kahoo, a ema a nka ngoana le ’mè oa hae ’me a khutlela naheng ea Iseraele. 22  Empa ha a utloa hore Arkelause o busa Judea sebakeng sa ntate oa hae Heroda, a tšaba ho ea moo. Hape Molimo o ile a mo lemosa ka toro+ hore a se ke a ea moo. Kahoo, a tloha a ea Galilea.+ 23  Eaba o lula motseng o bitsoang Nazaretha+ e le hore ho ka phethahala mantsoe a baprofeta a reng: “O tla bitsoa Monazaretha.”*+

Linaletsana

Kapa: “maselamose.”
Kapa: “khumamela.”
Kapa: “Mesia; Morena ea khethiloeng ke Molimo.”
Mohlomong e tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “lehlomela.”