Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A4

Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu

Lebitso la Molimo mangolong a boholo-holo a Seheberu a neng a sebelisoa pele Baiseraele ba ea botlamuoeng Babilona

Lebitso la Molimo ka mongolo oa Seheberu sa boholo-holo o neng o sebelisoa ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe botlamuoeng Babilona

Lebitso la Molimo le emeloang ke lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu e leng יהוה, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu. Litlhaku tseo tse ’nè tse tsejoang e le Tetragrammaton, li fetoleloa e le “Jehova.” Lebitso leo le hlaha ka Bibeleng ka makhetlo a mangata ho feta lebitso leha e le lefe. Ha bangoli ba khale ba Bibele ba bua ka Molimo, ba sebelisa litlotla le mantsoe a mangata a hlalosang, a kang “Ea Matla ’Ohle,” “Ea Phahameng ka ho Fetisisa” le “Morena” empa litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo ke tsona feela tseo ba li sebelisang ha ba bua ka lebitso le khethollang Molimo.

Jehova Molimo ka boeena o ile a laela bangoli ba Bibele hore ba sebelise lebitso la hae. Ka mohlala, o ile a etsa hore moprofeta Joele a ngole mantsoe ana a reng: “E mong le e mong ea tšepetseng lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 2:32) Hape Molimo o ile a etsa hore mongoli e mong oa lipesaleme a ngole a re: “E se eka batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, ke uena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 700 bukeng ea Lipesaleme feela, e leng buka ea lithoko tseo batho ba Molimo ba neng ba li bina le ho li tšoarella ka hlooho. Joale ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le sa hlahe Libibeleng tse ngata? Ke hobane’ng ha Bibele ena e sebelisa lebitso “Jehova”? Hona lebitso la Molimo e leng Jehova le bolela’ng?

Karolo e ’ngoe ea Lipesaleme e hlahang Moqolong oa Leoatle le Shoeleng oa selemo sa 1 ho ea ho sa 50 ka mor’a mehla ea Jesu. Taba ena e ngotsoe ka litlhaku tsa Seheberu tse neng li sebelisoa ka mor’a hore Baiseraele ba khutle botlamuoeng Babilona. Empa litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo li hlaha khafetsa ka litlhaku tse ikhethang tsa Seheberu sa boholo-holo

Ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le sa hlahe Libibeleng tse ngata? Ho na le mabaka a fapaneng. Batho ba bang ba nahana hore ha ho hlokahale hore Molimo ea Matla ’Ohle a be le lebitso le mo khethollang. Ho bonahala eka ba bang ba susumelitsoe ke tloaelo ea Bajuda ea ho qoba ho sebelisa lebitso la Molimo, mohlomong ba tšaba hore ba tla le hlompholla. Ba bang bona ba lumela hore kaha ha ho motho ea tsebang hantle hore na lebitso la Molimo le bitsoa joang, ho molemo hore re sebelise tlotla e kang “Morena” kapa “Molimo.” Leha ho le joalo, mabaka ao ha a utloahale ho latela lintlha tse latelang:

  • Batho ba reng Molimo ea Matla ’Ohle ha a hloke lebitso le ikhethang ba iphapanyetsa bopaki ba hore likopi tsa pele-pele tsa Lentsoe la hae, tse bolokiloeng ho tloha mehleng ea pele ho Kreste, li na le lebitso la Molimo. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, Molimo o ile a laela hore lebitso la hae le ngoloe ka Lentsoeng la hae ka makhetlo a ka bang 7 000. Ho hlakile hore o batla hore re tsebe lebitso la hae re be re le sebelise.

  • Bafetoleli ba tlosang lebitso la Molimo ka Bibeleng ka lebaka la ho hlompha tloaelo ea Bajuda, ba sitoa ho bona ’nete ea bohlokoa. Le hoja bangoli ba bang ba Bajuda ba ne ba hana ho bitsa lebitso leo, ha baa ka ba le tlosa likoping tsa Libibele tsa bona. Meqolo ea boholo-holo e ileng ea fumanoa Qumran haufi le Leoatle le Shoeleng, e ne e e-na le lebitso la Molimo le hlahileng ka makhetlo a mangata. Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ngotse “MORENA” ka litlhaku tse kholo moo lebitso la Molimo le neng le ngotsoe teng mangolong a pele. Empa joale ke hobane’ng ha bafetoleli bao ba bile sebete sa hore ba tlose lebitso la Molimo ka Bibeleng le hoja ba lumela hore le hlaha ka makhetlo a likete? Ke mang ea ba fileng tumello ea hore ba etse joalo? Ha re tsebe.

  • Batho ba reng lebitso la Molimo ha lea lokela ho bitsoa hobane ho sa tsejoe hantle hore na le bitsoa joang, ba bitsa lebitso la Jesu le hoja ba sa tsebe hore na le ne le bitsoa joang mehleng ea boholo-holo. Barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba bitsa lebitso la hae ka tsela e fapaneng le eo Bakreste ba bangata ba le bitsang ka eona kajeno. Mohlomong Bakreste ba Bajuda ha ba ne ba bitsa lebitso la Jesu ba ne ba re Ye·shuʹa‛. Ha ba bitsa tlotla “Kreste” ba ne ba re Ma·shiʹach kapa “Mesia.” Bakreste ba buang Segerike ba ne ba mo bitsa I·e·sousʹ Khri·stosʹ ’me ba buang Selatine bona ba ne ba mo bitsa Ieʹsus Chriʹstus. Molimo o ile a etsa hore lebitso la Jesu le ngoloe ka Segerike ka Bibeleng. Seo se bontša hore Bakreste ba boholo-holo ba ne ba entse qeto e bohlale ea ho bitsa lebitso la Jesu ho ea ka sebopeho sa lipuo tsa habo bona. Ka ho tšoanang, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e bona ho loketse hore ho sebelisoe lebitso “Jehova,” le hoja tsela eo le bitsoang ka eona e sa tšoane hantle le kamoo le bitsoang kateng ka Seheberu sa boholo-holo.

Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebelisa lebitso “Jehova”? Litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo e leng Tetragrammaton (יהוה) li emeloa ke lilumisoa tsena YHWH. Mantsoe ’ohle a Seheberu sa boholo-holo a ne a sa kenngoe liluma-nosi ha a ngoloa. Lebitso la Molimo le lona le ne le ngoloa joalo. Mehleng ea boholo-holo ha ho ne ho buuoa Seheberu, ho ne ho tloaelehile hore ha batho ba bala ba ikenyetse liluma-nosi moo li lokelang ho kena teng.

Ka mor’a lilemo tse ka bang likete Mangolo a Seheberu a qetiloe ho ngoloa, litsebi tsa Seheberu li ile tsa qapa mokhoa o mocha oa hore ha motho a bala Seheberu a khone ho kenya liluma-nosi sebakeng se loketseng. Ka nako eo, Bajuda ba bangata ba ne lumela hore ke phoso ho bitsa lebitso la Molimo, kahoo ba ile ba sebelisa litlotla bakeng sa lona. Ho bonahala eka ba ile ba kopanya liluma-nosi tsa mantsoe ao a nkelang lebitso la Molimo sebaka le litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo. Ka lebaka leo, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse nang le liluma-nosi tseo, ha li thuse motho ho tseba hore na qalong lebitso leo le ne le bitsoa joang ka Seheberu sa boholo-holo. Ba bang ba nahana hore lebitso leo le ne le bitsoa “Yahweh” ’me ba bang bona ba nahana hore le ne le bitsoa ka litsela tse ling tse fapaneng. Ka Moqolong oa Leoatle le Shoeleng o nang le karolo ea Levitike ka Segerike, lebitso la Molimo le ngotsoe e le Iao. Hape Bangoli ba boholo-holo ba Segerike ba re le tšoanetse ho bitsoa Iae, I·a·beʹ, le I·a·ou·eʹ. Leha ho le joalo, ha ho na lebaka la ho tsitlella hore le ne le bitsoa ka tsela e itseng. Ho hang ha re tsebe hore na bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba bitsa lebitso lena joang ka Seheberu. (Genese 13:4; Exoda 3:15) Seo re se tsebang ke hore khafetsa Molimo o ne a sebelisa lebitso la hae ha a bua le batho ba hae. Ba ne ba mo bitsa ka lebitso la hae ’me ba le sebelisa ka bolokolohi ha ba bua le ba bang ka lona.—Exoda 6:2; 1 Marena 8:23; Pesaleme ea 99:9.

Joale ke hobane’ng ha Bibele ee e sebelisa lebitso “Jehova”? Ke hobane haesale lebitso la Molimo le ngoloa ka mokhoa ona le ka mekhoa e meng e kang ona ka lipuo tse ngata ho akareletsa le puo ea Sesotho.

Lebitso la Molimo ho Genese 15:2 phetolelong ea 1530 ea William Tyndale ea Libuka tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele

Phetolelo ea pele ea lebitso la Molimo Bibeleng ea Senyesemane e ile ea e-ba teng ka 1530 phetolelong ea William Tyndale ea Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele. O ile a ngola lebitso la Molimo e le “Iehoua.” Ha nako e ntse e ea, puo ea Senyesemane e ile ea fetoha ’me tsela eo lebitso la Molimo le ngoloang ka eona e ile ea ntlafatsoa. Ka mohlala, ka 1612, Henry Ainsworth o ile a sebelisa lebitso “Iehovah” phetolelong ea hae kaofela ea buka ea Lipesaleme. Eaba ka 1639, ha buka eo e ne e nchafatsoa ’me e hatisoa le Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele, lebitso “Jehova” le ile la sebelisoa. Ka 1901, bafetoleli ba ileng ba fetolela Bibele ea American Standard Version ba ile ba sebelisa “Jehovah” hohle moo lebitso la Molimo le neng le hlaha teng mangolong a Seheberu.

Setsebi se hlomphuoang sa Bibele e leng Joseph Bryant Rotherham se hlalosa lebaka leo ka lona se sebelisitseng “Jehovah” ho e-na le ho sebelisa “Yahweh” bukeng ea hae ea 1911, e bitsoang Studies in the Psalms. Se ile sa re se ne se batla ho sebelisa “sebopeho se tsebahalang haholo sa lebitso leo (empa e le se amohelehang ka botlalo) ho batho ka kakaretso ba balang Bibele.” Ka 1930 setsebi se bitsoang A. F. Kirkpatrick se ile sa bua taba e tšoanang mabapi le ho sebelisa lebitso “Jehovah.” Se ile sa re: “Litsebi tsa morao tjena tsa sebopeho-puo li pheha khang ea hore lebitso leo le lokela ho ngoloa e le Yahveh kapa Yahaveh empa ho bonahala JEHOVAH e le eona tsela e tloaelehileng puong ea Senyesemane ebile ntlha ea bohlokoa ha se ho le bitsa hantle empa ke ho ela hloko hore ke Lebitso la Sebele, eseng tlotla feela tjee e tloaelehileng, e kang ‘Morena.’”

Litlhaku Tse ’Nè Tse Emelang Lebitso la Molimo, YHWH: “O Etsa Hore ho Be”

Leetsi HWH: “ho be”

Lebitso la Jehova le bolela’ng? Ka Seheberu, lebitso lena Jehova le tsoa leetsing le bolelang “ho ba” ’me litsebi tse ngata li nahana hore le hlalosa lentsoe la Seheberu le bolelang ho etsa hore ntho e itseng e etsahale. Kahoo, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e utloisisa hore lebitso leo le bolela hore “O Etsa Hore ho Be.” Litsebi tsa Bibele li na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng eo, kahoo re ke ke ra hatella hore tlhaloso eo ke eona e nepahetseng. Leha ho le joalo, tlhaloso ena e lumellana hantle le karolo eo Jehova a e phethang e le ’Mopi oa lintho tsohle ebile e le Mophethahatsi oa morero oa hae. Ha aa etsa leholimo, lefatše le libopuoa tse phelang feela empa o tsoela pele ho etsa hore thato ea hae le morero oa hae li phethahale.

Ka hona, moelelo oa lebitso lena Jehova ha o felle feela leetsing le hlahang ho Exoda 3:14, e reng: “Ke Tla ba Seo ke Khethang ho ba Sona” kapa “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” Mantsoe ana ha aa hlalose lebitso la Molimo ka botlalo. Ho e-na le hoo, ka tsela e itseng a re bontša hore na Molimo ke motho ea joang, a bontša hore o fetoha seo a lokelang hore a be sona boemong bo bong le bo bong hore a phethahatse morero oa hae. Kahoo, le hoja lebitso lena Jehova le ka ’na la kopanyeletsa khopolo ena, ha se hore le bolela feela seo eena a khethang hore a be sona. Le boetse le akareletsa le seo a batlang hore se etsahale ka popo ea hae le hore morero oa hae o phethahale.