Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 20

U ka Etsa’ng Hore Bibele e u Tsoele Molemo ha u e Bala?

IPOTSE LIPOTSO TSENA HA U NTSE U BALA BIBELE:

Taba ee e nthuta’ng ka Jehova Molimo?

Karolo ee ea Mangolo e tlatsetsa joang molaetseng oa Bibele?

Nka sebelisa taba ee joang bophelong ba ka?

Nka sebelisa litemana tsee joang hore ke thuse batho ba bang?

“Lentsoe la hao ke lebone le khantšang moo ke hatang teng hape ke leseli le bonesang tsela ea ka.”

Pesaleme ea 119:105