Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A1

Lintlha Tse Latetsoeng ha ho Fetoleloa Bibele

Qalong Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu, Searame le Segerike sa khale. Kajeno Bibele e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 3 000, e feletse kapa e sa fella. Batho ba bangata ha ba utloisise lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong, kahoo ba hloka Bibele e fetoletsoeng ka lipuo tsa bona. Ke lintlha life tse lokelang ho lateloa ha ho fetoleloa Bibele? Lintlha tsee li thusitse bafetoleli ba Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha joang?

Batho ba bang ba nahana hore ho fetolela Bibele lentsoe ka lentsoe ho ka thusa motho hore a utloisise lintho tse neng li ngotsoe ka lipuo tsa khale empa ka linako tse ling ha ho joalo. A re boneng hore na ke hobane’ng ha re cho joalo:

  • Lipuo ha li sebelise melao ea puo le mantsoe a tšoanang ebile le lipolelo ha li ngoloe ka tsela e tšoanang. Moprofesa oa puo ea Seheberu e leng S. R. Driver o re lipuo “ha li fapane feela ka melao ea puo le hore na li buuoa sebakeng sefe empa . . . li fapana le ka tsela eo lipolelo li ngoloang ka eona.” Batho ba buang lipuo tse fapaneng ha ba nahane ka tsela e tšoanang. Moprofesa Driver o boetse o re: “Ka lebaka leo, lipuo tse fapaneng li bopa lipolelo ka litsela tse sa tšoaneng.”

  • Ha ho na puo e sebelisang mantsoe le melao ea puo e tšoanang hantle le ea Seheberu, Searame le Segerike se sebelisitsoeng ha ho ne ho ngoloa Bibele. Kahoo, batho ba ne ba ke ke ba utloisisa Bibele e fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe kapa ka linako tse ling e ne e tla fetisa molaetsa o fosahetseng.

  • Moelelo oa lentsoe kapa oa polelo o ka fapana ho latela taba eo ho buuoang ka eona.

Bafetoleli ba ka khona ho fetolela litemana tse ling ba sebelisa mantsoe a neng a sebelisitsoe lipuong tsa khale. Leha ho le joalo, ba lokela ho etsa seo ka hloko.

Mehlala e latelang e bontša kamoo phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e ka etsang hore batho ba se ke ba utloisisa molaetsa:

  • Mangolo a Bibele a sebelisa lentsoe “robala” ha a bua ka motho ea robetseng kapa ea shoeleng. (Matheu 28:13; Liketso 7:60) Moo litemana tse ling li sebelisitseng lentsoe lena e le ha ho buuoa ka lefu, bafetoleli ba Bibele ba ka sebelisa lentsoe ‘ho shoa’ ho thusa motho ea balang hore a khone ho utloisisa seo ho buuoang ka sona.—1 Bakorinthe 7:39; 1 Bathesalonika 4:13; 2 Petrose 3:4.

  • Ho Baefese 4:14 moapostola Pauluse o sebelisitse mantsoe ao ha a fetoleloa lentsoe ka lentsoe a ka bolelang “ha banna ba bapala mataese.” Ana ke maele a khale a bolelang ho qhekella batho ba bang ha ho bapaloa mataese. Lipuong tse ngata, maele ao ha a utloahale ha a fetoletsoe lentsoe ka lentsoe. Empa a utloahala hantle ha a fetoletsoe e le “batho ba qhekellang ba bang” ebile a fetisa moelelo o nepahetseng.

  • Ho Baroma 12:11 ho sebelisitsoe polelo ea Segerike eo ha e fetoleloa lentsoe ka lentsoe e bolelang “moea o belang.” Ka Sesotho mantsoe ana ha a utloahale hore na a bolela’ng. Kahoo, Bibeleng ena a fetoletsoe e le “lumellang moea o halalelang hore o etse hore le be mafolofolo.”

  • MATHEU 5:3

    Ha e fetoletsoe lentsoe ka lentsoe: “ba futsanehileng moeeng”

    Se boleloang: “ba hlokomelang hore ba hloka Molimo”

    Thutong ea hae ea Thabeng e tsebahalang, Jesu o ile a sebelisa mantsoe ao hangata a fetoleloang e le, “Ho hlohonolofetse ba futsanehileng moeeng.” (Matheu 5:3, King James Version) Empa lipuong tse ngata mantsoe ana ha a utloahale ha a fetoletsoe lentsoe ka lentsoe. Lipuong tse ling ho fetolela mantsoe a reng “ba futsanehileng moeeng” lentsoe ka lentsoe ho ka bolela hore motho ha a phele hantle kelellong kapa ha a na matla ebile ha a ikemisetsa ho etsa letho bophelong. Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana o ne a sa re batho ba amehe ka lintho tseo ba li hlokang empa o ne a ba ruta hore ba hloka ho tataisoa ke Molimo e le hore ba thabe. (Luka 6:20) Joale ha mantsoe ao a fetoletsoe e le “ba hlokomelang hore ba hloka Molimo” kapa “ba hlokomelang hore ba hloka ho ithuta ka Molimo” a fetisa moelelo o nepahetseng oa mantsoe ao a Jesu.—Matheu 5:3; The New Testament in Modern English.

  • Litemaneng tse ling lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “poulelo” le na le moelelo o tšoanang le oa Sesotho, le bolela ho halefela molekane oa hao ka lebaka la ho se tšepahale kapa ho honohela lintho tsa batho ba bang. (Liproverbia 6:34; Esaia 11:13) Lentsoe lena la Seheberu le boetse le na le moelelo o hlalosang boikutlo bo botle boo motho a nang le bona. Mohlala, le ka bolela ho ‘cheseha’ kapa tsela eo Jehova a sireletsang bahlanka ba hae ka eona hobane a ba rata kapa hobane e le Molimo “ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.” (Exoda 34:14; 2 Marena 19:31; Ezekiele 5:13; Zakaria 8:2) Hape le ka bolela “cheseho” eo bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba nang le eona ha ba mo sebeletsa kapa ho ikemisetsa ha bona ho mo tšepahalla.—Pesaleme ea 69:9; 119:139; Numere 25:11.

  • Hangata lentsoe la Seheberu yadh le fetoleloa e le “letsoho” empa ka linako tse ling le fetoleloa e le “bolaoli,” “ho fana,” “matla” kapa ka litsela tse ling ho ea ka seo ho buuoang ka sona.

    Lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le letsoho le ka ba le meelelo e sa tšoaneng. Ho itšetlehile ka seo ho buuoang ka sona, lentsoe lena le ka fetoleloa e le ho “hapa,” ho ‘fana’ kapa ‘matla.’ (2 Samuele 8:3; 1 Marena 10:13; Liproverbia 18:21) Ha e le hantle lentsoe lena le fetoletsoe ka litsela tse sa tšoaneng tse ka holimo ho 40 Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

Lintlha tsena li re bontša hore ha ho fetoleloa Bibele, ha se kamehla lentsoe le neng le sebelisitsoe ha ho ngoloa Bibele le tla fetoleloa ka tsela e tšoanang hohle moo le hlahang teng. Kahoo, bafetoleli ba lokela ho khetha ka hloko mantsoe a puo ea bona a hlalosang hantle ntho eo ho buuoang ka eona. Ho feta moo, ba lokela ho ngola lipolelo ka tsela e lumellanang le melao ea puo ea bona ’me sena se thusa hore litaba tse ngotsoeng li balehe habonolo.

Leha ho le joalo, bafetoleli ha baa lokela ho nolofatsa lipolelo haholo hoo li ka fetolang moelelo. Bafetoleli ba ka fosa molaetsa oa Bibele haeba ba o fetolela ho ea kamoo ba o utloisisang kateng. Ba ka etsa seo joang? Ka hore ba ngole lintho tseo ba li nahanang ha ba fetolela empa e se tseo ho neng ho buuoa ka tsona ha ho ne ho ngoloa Bibele kapa ka hore ba siee lintlha tsa bohlokoa. Le hoja ho ka ba bonolo ho bala Bibele eo litaba tsa eona li akarelitsoeng feela, ntho eo e ka sitisa motho hore a utloisise molaetsa o neng o fetisoa qalong ha ho ne ho ngoloa Bibele.

Lithuto tseo bafetoleli ba li lumelang li ka susumetsa tsela eo ba fetolelang ka eona. Mohlala, lengolo la Matheu 7:13 le re: “Tsela e lebisang [timelong] e sephara.” Bafetoleli ba bang ba fetoletse temana ena ho latela seo ba se lumelang. Ba sebelisitse lentsoe “lihele” ho e-na le ho sebelisa lentsoe la Segerike leo ha e le hantle le bolelang ‘timetso.’

Ntlha e ’ngoe eo bafetoleli ba lokelang ho e hopola ke hore Bibele e ne e ngotsoe ka puo eo batho ba neng ba e bua ka nako eo ebile e utloisisoa ke balemi, balisana le batšoasi ba litlhapi. (Nehemia 8:8, 12; Liketso 4:13) Kahoo, Bibele e fetoletsoeng hantle ke eo molaetsa oa eona o utloisisoang ke batho ba batlang ho tseba Molimo ho sa tsotellehe hore na ba tsoa hokae. Ho bohlokoa ho sebelisa mantsoe a utloahalang le a tsejoang ke batho bohle ho e-na le ho sebelisa a tsejoang ke batho ba itseng feela.

Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba iketselitse qeto ea ho ntša lebitso la Molimo e leng Jehova Libibeleng tseo ba li fetoletseng le hoja lebitso leo le hlaha libukeng tsa khale tsa Bibele. (Sheba Ntlha ea A4.) Libibeleng tse ngata lebitso la Molimo le tlositsoe ’me bakeng sa lona ho kentsoe lentsoe “Morena” ebile Libibele tse ling li etsa eka Molimo ha a na lebitso. Mohlala, Libibeleng tse ling thapelo ea Jesu e hlahang ho Johanne 17:26 e re: “Ke ba tsebisitse uena” ’me ho Johanne 17:6 e re “Ke u tsebahalitse ho batho bao u mphileng bona.” Ha e le hantle mantsoe ao a thapelo ea Jesu a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao,” hape a re “Ke tsebahalitse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona.”

Selelekela sa Bibele ea pele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane se re: “Ha re fetolela Bibele ha re akaretse molaetsa oa eona feela empa re loanela ho fetolela lentsoe ka lentsoe haeba Senyesemane se e-na le maele a tšoanang le a puo ea khale le haeba ha re fetolela lentsoe ka lentsoe moelelo o ntse o hlaka.” Kahoo, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e lekile kahohle ho sebelisa mantsoe le lipoleloana tse tšoanang le tsa puo e sebelisitsoeng ha ho ne ho ngoloa Bibele. E boetse e entse bonnete ba hore e fetolela molaetsa ka tsela e utloahalang le e hlakileng. Ka lebaka leo, Bibele e baleha ka tsela e bonolo ebile motho ea e balang a ka kholiseha hore molaetsa o tsoang ho Molimo oo a o balang o fetoletsoe ka tsela e nepahetseng.—1 Bathesalonika 2:13.