Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO EA 7

Bibele e Ile ea re ho Tla ba Joang Mehleng ea Rona?

“Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane . . . Lintho tsena tsohle ke qalo feela ea tlokotsi.”

Matheu 24:7, 8

“Ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata ebe ba khelosa batho ba bangata. Batho ba bangata ha ba sa tla ratana ka lebaka la ho ata ha tlolo ea molao.”

Matheu 24:11, 12

“Ha le utloela ka lintoa le litlaleho tsa tsona, le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala empa ha e e-s’o be bofelo.”

Mareka 13:7

“Ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše hape ho tla ba le tlala le mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng. Batho ba tla bona lintho tse tšosang le matšoao a maholo a tsoang leholimong.”

Luka 21:11

“Mehleng ea bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho ba tla icheba bobona, ba rate chelete, ba ithorise, ba ikhohomose, ba bue hampe ka Molimo le ka batho. Ba ke ke ba mamela batsoali, e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle. E tla ba batho ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang le ba ratang menate ho e-na le ho rata Molimo. Ba tla etsa eka ba rata Molimo empa ba sa phele ka tsela e bontšang hore ho joalo.”

2 Timothea 3:1-5