Tšenolo e eang ho Johanne 5:1-14

  • Moqolo o nang le litempe tse supileng (1-5)

  • Konyana e nka moqolo (6-8)

  • Konyana ea tšoaneleha ho tlosa litempe (9-14)

5  Ke ile ka bona ka letsohong le letona la ea lutseng teroneng+ ho e-na le moqolo o ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli* o tiisitsoeng ka thata ka litempe* tse supileng.  Hape ka bona lengeloi le matla le hoeletsa le re: “Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho tlosa litempe tsa oona?”  Empa ho ne ho se ea ka khonang ho o bula le ho o bala leholimong, lefatšeng le ka tlas’a lefatše.  Ke ile ka lla haholo hobane ho ne ho se ea tšoanelehang ho bula moqolo kapa ho o bala.  E mong oa baholo a re ho ’na: “Tlohela ho lla. Tau ea leloko la Juda+ e tsoang lelapeng+ la Davida*+ e hlotse+ e le hore e bule moqolo le ho tlosa litempe tsa oona tse supileng.”  Bohareng ba terone, ke ile ka bona konyana+ e kang e hlabiloe,+ e pota-potiloe ke mangeloi a mane le baholo.+ E ne e e-na le manaka a supileng le mahlo a supileng. Mahlo a emela meea e supileng ea Molimo+ e rometsoeng lefatšeng lohle.  Hang-hang konyana ea tla ’me ea nka moqolo o ka letsohong le letona la ea lutseng teroneng.+  Ha e nka moqolo, mangeloi a mane le baholo ba 24+ ba khumama ka pel’a eona. Moholo e mong le e mong o ne a tšoere harepa le likotlolo tsa khauta tse tletseng libano. Libano li emela lithapelo tsa bahalaleli.+  Ba bina pina e ncha+ e reng: “Oa tšoaneleha ho nka moqolo le ho tlosa litempe tsa oona hobane u ile oa hlajoa ’me ka mali a hao oa reka batho+ ba maloko ’ohle, lipuo tsohle, lichaba tsohle le merabe eohle+ e le hore ba sebeletse Molimo. 10  U ile oa ba etsa marena+ le baprista e le hore ba sebeletse Molimo+ ’me ba tla busa lefatše e le marena.”+ 11  Ka bona mangeloi a mangata a pota-potileng terone, likerubime le baholo, ka ba ka utloa mantsoe a ’ona. Palo ea ’ona e ne e le limilione tse makholo le likete tse likete.+ 12  A ne a hoelelitse a re: “Konyana e ileng ea hlajoa+ ea tšoaneleha hore e ka tlotlisoa le ho fumana bolaoli, maruo, bohlale, matla, tlhompho le thoriso.”+ 13  Ke ile ka utloa lintho tsohle tse bopiloeng tse leholimong, tse lefatšeng, tse ka tlas’a lefatše+ le tse leoatleng, kaofela ha tsona li re: “Ea lutseng teroneng+ le Konyana+ ba matla ’me ba tšoaneloa ke ho rorisoa,+ ho tlotlisoa le ho hlomphuoa ka ho sa feleng.”+ 14  Mangeloi a mane a ne a re: “Amen!” Ebe baholo baa khumama, ba rapela Molimo.

Linaletsana

Ka Segerike: “ka ntle le ka hare.”
Ka Segerike: “motsong oa Davida.”