Tšenolo e eang ho Johanne 16:1-21

  • Likotlolo tse supileng tse tšetseng bohale ba Molimo (1-21)

    • Bo qhalloa lefatšeng (2), leoatleng (3), linokeng le lilibeng (4-7), letsatsing (8, 9), holim’a terone ea sebata (10, 11), nokeng ea Eufrate (12-16) le moeeng (17-21)

    • Ntoa ea Molimo e Armagedone (14, 16)

16  Ka utloa lentsoe le phahameng le hlahang sehalalelong+ le re ho mangeloi a supileng: “Tsamaeang, le qhalle bohale ba Molimo bo ka likotlolong tse supileng lefatšeng.”+  La pele la ea eaba le qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona lefatšeng.+ Batho ba neng ba e-na le letšoao la sebata+ le ba neng ba rapela setšoantšo sa sona,+ ba tsoa liso tse bohloko le tse bolaeang.+  La bobeli la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona leoatleng.+ Leoatle la fetoha mali+ a joaloka a motho ea shoeleng eaba lintho tsohle tse phelang ka leoatleng lia shoa.+  La boraro la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona linokeng le lilibeng+ eaba li fetoha mali.+  Ka utloa lengeloi le nang le matla a ho laola metsi le re: “Uena ea tšepahalang, ea teng le ea neng a le teng,+ u lokile+ hobane u fane ka likahlolo tsena.+  Kaha ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta,+ u entse hore ba noe mali.+ Kahlolo eo ea ba tšoanela.”+  Ka utloa lentsoe le hlahang aletareng le re: “Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle,+ likahlolo tsa hao ke tsa ’nete ’me li lokile.”+  Lengeloi la bone la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona letsatsing+ eaba letsatsi le lumelloa hore le tlabole batho joaloka mollo.  Batho ba tlaboloa ke mocheso empa ba rohaka lebitso la Molimo ea nang le matla a ho tlisa likotlo tsena. Ha baa ka ba baka le ho mo tlotlisa. 10  Lengeloi la bohlano la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona holim’a terone ea sebata. ’Muso oa sona oa fifala+ eaba batho ba itoma maleme hobane ba utloile bohloko. 11  Ba ile ba nyefola Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko boo ba bo utloang le ka lebaka la liso tsa bona ’me ha baa ka ba baka. 12  Lengeloi la botšelela la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona nokeng e kholo ea Eufrate.+ Metsi a eona a psha+ e le hore tsela e ka lokisoa bakeng sa marena+ a tsoang ka bochabela. 13  Ka bona lipolelo tse tharo tse sa hloekang* tse shebahalang joaloka linqanqane. Polelo e ’ngoe e ne e tsoa molomong oa drakone,+ e ’ngoe e tsoa molomong oa sebata ha e ’ngoe eona e tsoa molomong oa moprofeta oa bohata. 14  Lipolelo tseo li susumetsoa ke bademona ’me li etsa lipontšo.+ Li ea ho marena a lefatše lohle ’me li a bokella bakeng sa ntoa+ ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.+ 15  “Ke tla joaloka lesholu.+ Ho thaba motho ea lulang a falimehile+ ’me a lula a apere liaparo tsa hae e le hore a se ke a tsoela ka ntle a sa apara ebe batho baa mo bonela.”+ 16  Lipolelo tse sa hloekang tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Armagedone.*+ 17  Lengeloi la bosupa la qhalla bohale bo ka sekotlolong sa lona moeeng. Ka utloa lentsoe le hlahang teroneng e ka sehalalelong+ le re: “Ho etsahetse!” 18  Ha e-ba le mahalima le lialuma hape ka utloa mantsoe. Ha e-ba le tšisinyeho e kholo ea lefatše. Ha ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona lefatšeng+ haesale batho ba e-ba teng. E ne e le kholo haholo ebile e le matla. 19  Motse o moholo+ oa aroha likarolo tse tharo ’me metse ea linaha ea oa. Molimo o ile a hopola Babilona e Moholo+ ’me a mo fa senoelo sa veine ea bohale ba hae.+ 20  Lihlekehleke le lithaba tsa nyamela.+ 21  Sefako se setenya se ka etsang lik’hilokramo tse 20* sa oela holim’a batho+ se tsoa leholimong. Batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo eo ea sefako+ hobane se ne se baka tšenyo e kholo.

Linaletsana

Ka Segerike: “meea e meraro e litšila.”
Ka Segerike ke Harmagedone, e tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Thaba ea Megido.”
Ka Segerike: “talenta.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 20,4. Sheba Ntlha ea B14.