Tšenolo e eang ho Johanne 4:1-11

  • Pono ea Jehova a le leholimong (1-11)

    • Jehova o lutse teroneng (2)

    • Baholo ba 24 ba lutse literoneng (4)

    • Mangeloi a mane (6)

4  Ka mor’a lintho tsena, ka bona lemati le bulehileng leholimong ’me lentsoe la pele leo ke ileng ka le utloa le ne le le joaloka molumo oa terompeta, le ile la re: “Nyolohela koano ’me ke tla u bontša lintho tse lokelang ho etsahala.”  Hang-hang moea oa Molimo oa qala ho sebetsa ho ’na eaba ke bona terone leholimong ’me ho ne ho e-na le ea lutseng ho eona.+  Ea neng a lutse teroneng o ne a phatsima joaloka lejoe la jaspere+ le la sardiase* ’me ho ne ho e-na le mookoli o pota-potileng terone o joaloka lejoe la emeralde.+  Terone eo e ne e pota-potiloe ke literone tse 24. Literoneng tseo, ho ne ho lutse baholo ba 24+ ba apereng liaparo tse tšoeu ebile ba roetse likorone tsa khauta.  Mahalima,+ mantsoe le lialuma+ li ne li hlaha teroneng eo ebile ho ne ho e-na le mabone a supileng a mollo a tukang ka pel’a eona ’me a ne a emela meea e supileng ea Molimo.+  Ka pel’a eona ho ne ho e-na le ntho e kang leoatle le kang khalase+ kapa kristale. Bohareng ba terone le ho e pota-pota ho ne ho e-na le mangeloi a mane+ a tletseng mahlo ka pele le ka morao.  Lengeloi la pele le ne le tšoana le tau,+ la bobeli le tšoana le pohoana,+ la boraro+ le e-na le sefahleho se joaloka sa motho, la bone+ lona le ne le tšoana le ntsu.+  Le leng le le leng la mangeloi ana a mane le ne le e-na le mapheo a tšeletseng ’me mapheo ao a ne a tletse mahlo hohle.+ Bosiu le motšehare a ne a re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova*+ Molimo ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng, ea teng le ea tlang.”+  Neng kapa neng ha mangeloi ao a ne a rorisa, a hlompha le ho leboha ea lutseng teroneng, ea phelang ka ho sa feleng,+ 10  baholo ba 24+ ba ne ba khumama ka pel’a ea lutseng teroneng e leng ea phelang ka ho sa feleng ’me ba mo rapela. Ba ne ba lahlela likorone tsa bona ka pel’a terone ebe ba re: 11  “Jehova* Molimo oa rona ea matla,+ u tšoaneloa ke ho rorisoa+ le ho hlomphuoa+ hobane u bopile lintho tsohle+ ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa boptjoa.”

Linaletsana

Kapa: “lejoe la bohlokoa le lefubelu.”