Fetela boitsebisong

Na e Entsoe?

'Mele oa Motho

Tsela eo ’Mele o Khonang ho Folisa Maqeba ka Eona

Bo-rasaense ba ntse ba leka ho etsisa tsela eo ’mele o folisang maqeba ka eona joang e le hore ba etse polasetiki?

Lihahabi

Letlalo la Qibi ea Leoatleng

Seaparo se na le boea “bo bolelele le bo teteaneng, mohatsela o ke ke oa fihla letlalong habonolo.

Litelu Tsa Katse

Ke hobane’ng ha bo-rasaense ba etsa liroboto tse kentsoeng lisebelisoa tse bitsoang e-whiskers?

Leoto la Pere

Ke hobane’ng ha baenjiniere ba ’nile ba sitoa ho kopitsa tsela eo le entsoeng ka eona?

Libopuoa Tsa Metsing

Lepheo la Leruarua la Humpback

Tseba hore na tsela eo lepheo la phoofolo ena e khōlōhali le entsoeng ka eona e ama bophelo ba hao joang.

Likhoele Tse Itšoarellang Tsa Khofu ea Leoatle e Bitsoang Mussel

Likhofu tsa leoatle li itšoarella ka likhoele. Tsela eo likhoele tsena li entsoeng ka eona e ka kopitsoa ’me ea sebelisoa ha ho kopanngoa thepa ea mehaho le likepe, ho kopanngoa masapo le ha ho koaloa maqeba a opereishene.

Likhetla Tsa Leoatle

Tsela eo likhetla tsena le entsoeng ka eona e sireletsa likhofu.

Tsela eo Tlhapi e Bitsoang Cuttlefish e Fetolang ’Mala ka Eona

Baenjiniere ba ntse ba leka ho etsisa tsela eo tlhapi ena e fetolang ’mala ka eona ka hore ba etse liaparo tse ka fetolang ’mala ka ho panya ha leihlo.

Karolo e Khantšang ea Bobtail Squid sa Hawaii

Phoofolo ena e ntša khanya—empa ha e bonahale.

’Mele o “Bonang” oa Tlhapi ea Brittle Star

Ithute lintlha tse hlollang ka sehahabi sena se lulang majoeng a botebong ba leoatle.

Mokhoa oo Litlhapi li Sesang ka Oona ka Sehlopha

Re ka ithuta’ng ho litlhapi e ka re thusang ho fokotsa ho thulana ha likoloi?

Linonyana

Lepheo la Linonyana Tse Fofelang Holimo

Lienjiniere tsa lifofane li ile tsa boloka mafura a lifofane a etsang lilithara tse 7 600 ka selemo, ka lebaka la ho kopitsa tsela eo linonyana tse fofelang holimo li fofang ka eona.

Masiba a Emperor Penguin

Ke sefe seo litsebi tsa liphoofolo tsa leoatleng li ithutileng sona ka masiba a nonyana ee?

Tsela eo Nonyana ea Wandering Albatross e Fofang ka Eona

Bala kamoo nonyana ena e ka qetang lihora tse ngata kateng e fofa empa e sa uputse mapheo!

Matla a tataisang Koekoe-Lemao e Setono se Metsero

Ithute ka ho falla ha koekoe-lemao e setono se metsero ho nkang matsatsi a robeli, e leng leeto le hlollang ka ho fetisisa.

Lihahabi

Letlalo le Monyang Metsi la ’Mankhoshepe o Meutloa

’Mankhoshepe eo o khona ho hula metsi joang hore a tsamaee maotong a hae, ebe a feta ’meleng a be a fihle ka lehanong la hae?

Mohatla oa Mokholutsoane oa Agama

Mokholutsoane ona o etsa joang hore o tlohe moo ho tšekaletseng ’me o qhomele leboteng?

Mohlahare oa Koena

E loma ka matla ho feta tau kapa nkoe ka makhetlo a ka bang mararo, empa e khona ho utloa se ka lehanong la eona le ho feta kamoo menoana ea motho e utloang kateng. Joang?

Letlalo la Noha

Ke’ng e etsang hore letlalo la noha le be thata ka ho lekaneng hore e ka hloa likutung tse thata tsa sefate le ho tsamaea lehlabatheng le khorofo?

Mokhoa oa ho Tsoala oa Senqanqane se Alamang Mahe ka Mpeng

Ke hobane’ng ha motho ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho a ne a ka re ho thata ho nahanisisa ka mokhoa o butle le o tsoelang pele oa ho tsoala oa senqanqane see?

Likokoanyana

Linotši Tse Bitsoang Bumblebee li Khona Joang ho Laola Tsela eo li Fofang ka Eona?​—Na e Entsoe?

Le hoja Bumblebee e le nyenyane, e khona joang ho fofa ka boqhetseke ho feta lifofane tse tsamaisoang ke batsamaisi ba nang le boiphihlelo?

Tsela e Ikhethang eo Linotši li Lulang Fatše ka Eona

Ke’ng e etsang hore batho ba batle ho etsa liroboto tse khonang ho lula joaloka linotši?

Khekhe ea Linotši

Linotši li ne li tseba’ng mabapi le ho boloka sebaka eo litsebi tsa lipalo li sa kang tsa khona ho e pakahatsa ho fihlela ka 1999?

Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?

Likokoanyana ha li thulane le hoja li le ngata. Li khona ho etsa seo joang?

Molala oa Kokoanyana

Kokoanyana e khona ho jara lintho tse boima ho e feta?

Letlalo la Bohloa ba Sahara bo le Sireletsang Mochesong o Bataolang

Kokonyana ena ke e ’ngoe ea likokonyana tse khonang ho mamella mocheso. Ke’ng e thusang kokonyana ena ho phela mochesong o bataolang hakaalo?

Tsela eo Cicada e Hōlang ka Eona

Tsela e makatsang eo likokoanyana li hōlang ka eona e bontša hore li hlaha ka mor’a lilemo tse 13 kapa 17.

Likere Tsa Kokoanyana ea Issus Leafhopper

Ke tsa bohlokoa e le hore li thuse kokoanyana ena hore e qhome ka matla empa e etse joalo ka tsela e laolehileng.

Lisele Tsa Kutlo Tse Lethoethoe Tsa Tsie

Litsie tse fofang e le sehlopha li khona joang ho fofa li sa thulane?

Tsebe e Lethoethoe ea Katydid

Tsebe e nyenyane ea lerutle lena e sebetsa joaloka tsebe ea motho. Bo-rasaense le baenjiniere ba kajeno ba ka rua molemo joang ka ho batlisisa tsela e ikhethang eo lerutle lee le utloang ka eona?

Lepheo la Serurubele

Lepheo la serurubele se bitsoang Blue Morpho le ka ’na la bonahala le le boreleli empa le na le likarolo tse ka bonoang ka microscope feela. Likarolo tsee li se thusa joang?

Lepheo la Serurubele le Monyang Khanya

Ho hlokahala ho fetang feela ’mala o lefifi oa lepheo la serurubele.

Litsebe Tse Lethoethoe Tsa Tšoele e Khōlō

Le hoja e e-na le litsebe tse sa rarahanang, e khona ho utloa molumo ho feta phoofolo leha e le efe e ’ngoe.

Khaketla ea Diabolical Ironclad Beetle​—Na e Entsoe?

Kokoanyana ee e khona joang ho phela tlas’a maemo a boima joalo?

Litho Tsa Kutlo Tsa Black Fire Beetle

Ke eng seo lienjiniere le bafuputsi ba ka ithutang sona mokhoeng o ikhethang oa kokoanyana ee?

Bokhoni ba Khola-bolokoe ba ho Fumana Tsela

Khola-bolokoe e sebelisa mokhoa o fe oa pono? Batho ba ka ’na ba ithuta eng mokhoeng oo?

Khanya ea Senakangoeli

Ke joang kokoanyana ee e nyenyane e entseng hore bo-rasaense ba ntlafatse khanya e ntšoang ke mabone a LED a sebelisoang lisebelisoeng tse ngata tsa elektronike?

Mapheoana a Etsang Hore Ntsintsi e Fofe Hantle

Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho tšoara ntsintsi? Hlokomela seo bo-rasaense ba se fumaneng.

Tšintši e Thinyang ka ho Panya ha Leihlo

Tšintši ena e khona ho thinya joaloka lifofane tsa sesole tsa jete, empa eona e thinya ka motsotsoana feela. Na ho itletse feela hore e thinye kapele hakaale?

Likho

Pono e Lerootho ea Sekho se Qhomang

Sekho see se khona joang ho lekanya hantle bohōle ba sebaka? Ke hobane’ng ha bafuputsi ba batla ho etsisa mokhoa oa sekho see?

Tepo ea Sekho e Hlollang!

Sekho sa ka tlung se etsa tepo e khomarelang le e tlohang habonolo ha ho hlokahala. Ithute hore na e etsa sena joang hona hobane’ng.

Limela

’Mala oa Monokotšoai oa Pollia

Monokotšoai ona ha o na ’mala. Empa ke eng e etsang hore o bonahale o le moputsoa?

Tsela eo Limela li Sebelisang Setache ka Eona

Borasaense ba ithutile hore semela sa mosetareta se na le bokhoni bo ikhethang.

Microscopic World

Bokhoni ba DNA ba ho Boloka Boitsebiso

Sena se entse hore DNA e bitsoe “hard drive eo ho seng e ka bapisoang le eona.” Ithute hore na ke hobane’ng ha e bitsoa joalo.

Likokoanyana Tse Jang Oli

Li ka atleha hakae ho hloekisa oli e qhalaneng ha li bapisoa le lisebelisoa tsa morao-rao tsa theknoloji?