Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA O ENTSOE?

Mokhoa oa ho Tsoala oa Senqanqane se Alamang Mahe ka Mpeng

Mokhoa oa ho Tsoala oa Senqanqane se Alamang Mahe ka Mpeng

SENQANQANE sa Australia se alamang mahe ka mpeng se neng se nkoa se felile ho tloha ka 2002, se ne se e-na le mokhoa o makatsang oa ho tsoala. Se setšehali se ne se koenya mahe ebe se a qhotsetsa ka mpeng, ka mor’a libeke tse ka bang tse tšeletseng. Hamorao se ntša malinyane a sona ka lehano e se e le linqanqane tse feletseng.

E le hore se se ke sa sila mahe ao, ke habohlokoa hore se khaotse ho ja le hore se se ke sa hlahisa maro a asiti a ka maleng. Ho bonahala eka lik’hemik’hale tse ntšoang ke mahe le malinyane, li ne li thibela tlhahiso ea asiti eo.

Se ne se khona ho qhotsa mahe a ka bang 24. Ka nako eo se tsoalang, boima ba ’mele ba malinyane a sona bo etsa karolo ea 40 lekholong ea boima ba sona ba ’mele ba ha e se e hōlile ka ho feletseng. Sena se tšoana le mosali ea etsang lik’hilograma tse 68 sekaleng pele e e-ba moimana oa bana ba 24 bao e mong le e mong oa bona a leng boima ba lik’hilograma tse 1.8! Malinyane ao a ka mpeng a ne a sarolla mpa ea senqanqane seo hoo a neng a kiba matšoafo a sona ka ho feletseng, e leng se neng se etsa hore se heme ka letlalo.

Ka tloaelo malinyane a senqanqane a ne a hlaha ka matsatsi a latellanang hang ha a lokile. Leha ho le joalo, haeba senqanqane seo se bona hore kotsi e tla ba teng, se ne se a hlatsa kaofela. Ka nako e ’ngoe bafuputsi ba kile ba bona senqanqane se seng se tšoela malinyane a tšeletseng, se a tjebela bohole ba mithara.

Haeba mokhoa oa sona oa ho tsoala o bile teng ka ho iphetola ha lintho joalokaha ba bang ba lumela, senqanqane sena se alamang mahe ka mpeng se ka be se entse liphetoho tse khōlō tseleng eo se bōpehileng ka eona le mokhoeng oo se itšoarang ka oona hang hang. Michael J. Tyler eo e leng rasaense ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ile a ngola a re, “ho thata ho nahanisisa ka mokhoa oa senqanqane sena o butle le o tsoelang pele oa ho tsoala. Mokhoa ’ona o sebetsa ka ho feletseng kapa o hlōleha ka ho feletseng.” Tyler o re, tlhaloso feela e utloahalang ke ea hore, ke “mohato o le mong o moholo.” Ba bang ba ka ’na ba bitsa mohato oo o moholo pōpo. *

U nahana’ng ka see? Na mokhoa oa ho tsoala oa senqanqane se alamang mahe ka mpeng o bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na o entsoe?

^ ser. 7 Bukeng ea hae e bitsoang Origin of Species, Charles Darwin o ile a re: “Tsela ea tlhaho ea ho khetha lintho e sebetsa feela ka ho nka monyetla ka liphetoho tse nyenyane tse latellanang; e ke ke ea . . . etsahala ka tsela e tobileng.”