Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA O ENTSOE?

Molala oa Kokoanyana

Molala oa Kokoanyana

LIENJINIERE li hlolloa ke tsela eo likokoanyana li khonang ho jara lintho tse boima ho li feta ka eona. Lienjiniere tsa Univesithi ea Ohio e U.S.A., li ile tsa etsa litšoantšo tse bōpehileng joaloka likokoanyana tsena li sebelisa k’homphieutha e le hore li utloisise hore na likokoanyana li khona ho etsa sena joang. Litšoantšo tsena li ile tsa etsoa ho sebelisoa X-ray ’me ha boela ha shejoa le matla ao kokoanyana e a sebelisang ha e nka moroalo.

Karolo e sebetsang ka thata ka ho fetisisa ea kokoanyana ke molala oa eona o khonang ho jara lintho tse boima tseo e li nkang ka molomo oa eona. Likarolo tse bonolo tse molaleng oa kokoanyana li kopana le likarolo tse thata tsa ’mele hammoho le hlooho ’me li momahana hammoho. Mofuputsi e mong o kile a re: “Tsela eo molala o kopantsoeng le ’mele ka eona e thusa kokoanyana ho nka lintho tse boima. Hape tsela e ikhethang eo likarolo tse thata le tse bonolo tsa kokoanyana li kopaneng ka eona e etsa hore li momahane ka thata ’me sena ke sona se li thusang hore li khone ho jara lintho tse boima.” Bafuputsi ba tšepa hore ho utloisisa kamoo molala oa likokoanyana o sebetsang kateng ho tla ba thusa ho etsa mechine ea liroboto e khonang ho nka lintho tse boima haholo.

U nahana’ng ka see? Na molala oa kokoanyana o kopantsoeng ka tsela e rarahaneng ’me o le matla o bile teng ka ho iphethola ha lintho kapa o entsoe?