Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LE ENTSOE?

Lepheo la Linonyana Tse Fofelang Holimo

Lepheo la Linonyana Tse Fofelang Holimo

HA SEFOFANE sa jete se fofa se fehla moea o mongata ntlheng ea mapheo a sona. Moea oo o matla hoo o etsang hore sefofane se je mafura a mangata. O ka boela oa fefola lifofane tse ling tse tlang ka mor’a sona. Ke kahoo, ha lifofane tse tlohang boema-fofaneng ka nako e le ’ngoe, li tlamehang ho siea sebaka se seholo lipakeng tsa tsona e le hore ho be le nako e lekaneng ea hore moea oo o kokobele.

Lienjiniere tsa lifofane li fumane tsela ea ho rarolla mathata ana. Lia rarollotse joang? Li kentse lekapa le kobehetseng holimo ntlheng ea mapheo a lifofane, e le ha li etsisa mapheo a linonyana tse kang liphakoe, lintsu le mekotatsie.

Ak’u nahane: Ha linonyana tseo tse khōlō li fofa, ntlha ea mapheo a tsona e ea kobeha ho fihlela a se a shebile holimo ka ho feletseng. Seo se etsa hore li jare boima bo bongata empa li sa phukalatsa mapheo haholo. Se boetse se ntlafatsa tsela eo li fofang ka eona. Lienjiniere li entse lifofane tse nang le mapheo a tšoanang le a tsona. Li entse liteko ’me tsa fumana hore haeba mapheo ao a kobehileng ntlheng a kobiloe hantle a bile a shebisitsoe moo moea o fokelang teng, a tla ntlafatsa tsela eo lifofane li fofang ka eona—ka liphesente tse 10 kapa ho feta. Molemo oa seo ke ofe? Encyclopedia of Flight e re, ntlha e kobehetseng holimo ea mapheo a lifofane e fokotsa moea o bohale o tsoang mapheong a tsona.

Kahoo, mapheo ao a thusa lifofane hore li fofele holimo le ho feta, li jare boima bo eketsehileng, li be le mapheo a makhutšoanyane—e leng se etsang hore li se ke tsa ja sebaka seholo ha li eme—le hore li boloke mafura. Ka mohlala, phatlalatso ea litaba ea NASA e re ka 2010, lifofane “li ile tsa boloka mafura a etsang lilithara tse limilione tse 7 600 lefatšeng ka bophara” ’me seo sa fokotsa haholo moea o litšila o tsoang lifofaneng.

U nahana’ng ka see? Na lepheo le kobehileng ntlheng la linonyana tse fofelang holimo le bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na le entsoe?