Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA E ENTSOE?

Khanya ea Senakangoeli

Khanya ea Senakangoeli

KAROLO e khantšang ea senakangoeli se itseng, e koahetsoe ke makhakhapha a se thusang hore se ntše khanya e matla. *

Makhakhapha

Ak’u nahane: Bafuputsi ba fumane hore makhakhapha a manyenyane a holim’a karolo e ntšang khanya ea senakangoeli, a teteane joaloka makhakhapha a tlhapi. Makhakhapha ao a kobehela holimo hanyenyane ka lehlakoreng le leng ka limaekromithara tse tharo feela, e leng karolo e nyenyane haholo. Leha ho le joalo, ho kobeha hona ho thusa karolo eo e ntšang khanya hore e khanye haholo ho feta kamoo e neng e ka khanya kateng ha a ne a sa kobeha!

Na see se ka thusa ho ntlafatsa tsela eo mabone a LED a sebelisoang lisebelisoeng tsa elektronike a hlahisang khanya ka eona? E le hore ba fumane seo, bo-rasaense ba ile ba koahela mabone a LED ka ntho e tšoanang le karolo eo senakangoeli se ntšang khanya ho eona. Ho ile ha etsahala’ng? Mabone a LED a ile a ntša khanya e ngata ho feta pele! Setsebi sa fisiks, se bitsoang Annick Bay se re: “Ntho ea bohlokoa haholo ka mosebetsi ona ke hore o bontša hantle kamoo re ka ithutang lintho tse ngata kateng linthong tsa tlhaho.”

U nahana’ng ka see? Na khanya ea senakangoeli e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?

^ ser. 3 Bo-rasaense ha ba e-s’o etse lipatlisiso ka mefuta eohle ea senakangoeli sena.