Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA A ENTSOE?

Matla a Tataisang Koekoe-Lemao e Setono se Metsero

Matla a Tataisang Koekoe-Lemao e Setono se Metsero

HO FALLA ha koekoe-lemao e setono se metsero ke e ’ngoe ea liketsahalo tse hlollang haholo ho motho. Leeto la nonyana ena la lik’hilomithara tse 11 000 le ka nka matsatsi a fetang a robeli.

Ak’u nahane: Bafuputsi ba lumela hore mefuta e meng ea linonyana tsena e sebelisa matla a lefatše a khoheli ho li tataisa ha li fofa, joalokaha eka li na le sesupa-tsela se kentsoeng ka bokong ba tsona. Hape ho ka etsahala hore ebe motšehare, koekoe-lemao e tataisoa ke letsatsi, ’me bosiu e tataisoa ke linaleli. Ho bonahala eka koekoe-lemao e boetse ea utloa ha ho e-na le lifefo tse tlang, tseo moea oa tsona o ka e thusang hore e lebe sebakeng se itseng. Leha ho le joalo, lintlha tse qaqileng tsa hore na linonyana tsena li khona ho nka leeto la tsona le hlollang joang, e ntse e makatsa litsebi. Setsebi sa baeloji se bitsoang Bob Gill se re: “Esale ke ithuta ka linonyana tsena ka lilemo tse 20, empa li ntse li ’makatsa le ho feta.”

U nahana’ng ka see? Na matla a tataisang koekoe-lemao e setono se metsero ha e falla a bile teng ka ho iphethola ha lintho? Kapa na a entsoe?