Fetela boitsebisong

Heather Broccard-Bell/iStock via Getty Images

NA E ENTSOE?

Khaketla ea Diabolical Ironclad Beetle

Khaketla ea Diabolical Ironclad Beetle

 Kokoanyana e bitsoang diabolical ironclad beetle (Phloeodes diabolicus) e fumaneha karolong e ka bophirimela Amerika Leboea. Bafuputsi ba re kokoanyana ena e ka jara moroalo o fetang boima ba ’mele oa eona ka makhetlo a ka bang 39 000 ’me e ka phela le ha e ka hatoa ke koloi. Kokoanyana ee e khona joang ho phela tlas’a maemo a boima joalo?

 Karolo e ka holimo le e ka tlaase ea khaketla ea kokoanyana ena e kopana mahlakoreng. Karolo e ka holimo-limo ea khaketla ena e sireletsa kokoanyana hore e se ke ea utloa bohloko ha ho e-na le ntho e e hatellang le ho sireletsa litho tsa eona tsa bohlokoa tse ka hare-hare. Karolo e mahareng eona ha e thata joaloka e ka holimo-limo ’me sena se etsa hore ho be bobebe hore e hatellehe. Karolo ea ho qetela ea khaketla ena e bonolo, e leng se etsang hore kokoanyana ena e khone ho ipetetsa kutung ea sefate kapa pakeng tsa majoe.

 Karolo e mahareng ea khaketla ea kokoanyana ena, e-na le lintho tse kang meno a sakha a kopanang joaloka puzzle, ’me sena se etsa hore ntho leha e le efe e hatellang kokoanyana ena e se ke ea e lematsa. Likarolo tseo tse shebahalang joaloka meno a sakha li kopantsoe ka thata ke liprotheine. Ha ho e-ba le ntho e hatellang kokoanyana ena, liprotheine tseo li a petsoha empa hamorao li a kopana ’me sena se etsa hore meno ao a se ke a arohana.

Mona ke mahlokore a khaketla ea kokoanyana ena, moo karolo e ka holimo e kopanang le e ka tlaase ’me ho hlahile lintho tse kang meno a sakha tse kopanang bohareng ba eona.

Lintho tse kang meno a sakha a kopanang joaloka puzzle. Li arrow tse khubelu li supile moo karolo e ka holimo le e ka tlaase ea khaketla ea kokoanyana li kopanang teng ka mahlakoreng. Arrow e putsoa eona e supile moo lintho tse kang meno a sakha li kopanang teng mahlakoreng

 Bafuputsi ba re ha baqapi ba etsang likoloi, marokho le mehaho ba ka etsisa tsela eo khaketla ea kokoanyana ena e entsoeng ka eona, ba ka khona ho etsa lintho tse tla tšoarella le haeba li ka hatelloa kapa tsa ba le moroalo o boima.

 U nahana joang? Na khaketla ea diabolical ironclad beetle e itlhahetse feela? Kapa na e entsoe?