Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA LE ENTSOE?

Leoto la Pere

Leoto la Pere

PERE e ka matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 50 ka hora. Le hoja sena se hloka matla a mangata, e sebelisa matla a fokolang haholo. E khona joang ho etsa see? E thusoa ke maoto a eona.

Nahana ka se etsahalang ha pere e matha ka lebelo. Ha pere e hata fatše, mesifa ea leoto e fumana matla hape ’me joaloka seporing, e etsa hore pere e ee pele ka lebelo.

Ho feta moo, ha pere e matha ka lebelo maoto a eona a thothomela ka sekhahla hoo mesifa ea eona e ka lemalang. Leha ho le joalo, mesifa ea maoto e thusa ho fokotsa ho thothomela hoo. Bafuputsi ba bolela hore “mesifa ena e entsoe ka tsela e ikhethang” ’me e etsa hore lipere li be matla le ho ba lebelo.

Baenjiniere ba ntse ba leka ho kopitsa tsela eo maoto a pere a entsoeng ka eona ha ba etsa liroboto tse maoto a mane. Leha ho le joalo, ho ea ka Lefapha la Theknoloji la Biomimetic Robotics Laboratory le Massachusetts, tsela e rarahaneng eo maoto a pere a entsoeng ka eona, e ke ke ea kopitsoa habonolo ka thepa e sebelisoang hona joale le ka tsebo ea boenjiniere e teng.

U nahana’ng ka see? Na leoto la pere le bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na le entsoe?