Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA O ENTSOE?

’Mele o “Bonang” oa Tlhapi ea Brittle Star

’Mele o “Bonang” oa Tlhapi ea Brittle Star

BRITTLE STAR e lula majoeng a botebong ba leoatle, ’me e na le mofuta o makatsang oa khetla karolong ea eona e ka holimo. Karolo ena ea ’mele e na le lilense tse ngata tse nyenyane tse etsang hore khetla eo e be leihlo le rarahaneng.

Maqhutsu a bonaletsang a ’meleng oa tlhapi a sebetsa joaloka lilense tse nyenyane tsa boemo bo phahameng

Ak’u nahane: Makasine ea Natural History e re ha bo-rasaense ba hlahloba likaroloana tsa masapo a brittle star, ba ile ba bona “maqhutsu a bonaletsang a petetsaneng ka ho sa tloaelehang, ’me le leng le le leng le le lesesanyane ho feta moriri.” Maqhutsu ana a bonaletsang a entsoeng ka calcium carbonate (calcite), ho bonahala e le lilense tse nyenyane haholo tsa boemo bo phahameng tse fetisetsang khanya methapong e tšabang khanya e likaroloaneng tsa masapo. Ho feta moo, lilense tseo li bōpehile hantle ka tsela e tla etsa hore tlhapi ena e bone ka ho hlakileng.

Ho ea ka setsebi sa k’hemistri Joanna Aizenberg, khetla ea brittle star e sebetsang ka litsela tse peli “e bontša molao-motheo oa bohlokoa: thutong ea baeloji, hangata lintho li hlophisoa hantle e le hore li etse mesebetsi e mengata.”

E le ha ba leka ho etsisa brittle star, bafuputsi ba qapile mokhoa o bonolo le o litjeho li tlaase oa ho hlahisa lilense tse ngata tse nyenyane tse entsoeng ka calcium carbonate. Tsela e ’ngoe eo lilense tsena li ka sebelisoang ka eona e akarelletsa ho sebelisoa mekhoeng ea puisano, le ho fetiseng khanya ka lithapo tse tsamaisang boitsebiso.

U nahana’ng ka see? Na ’mele o “bonang” oa tlhapi ea brittle star o bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na o entsoe?