Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA E ENTSOE?

Tepo ea Sekho e Hlollang!

Tepo ea Sekho e Hlollang!

SEKHO sa ka tlung sa Amerika (Parasteatoda tepidariorum) se etsa tepo e ka khomarelang leboteng kapa ea tloha habonolo ha e le fatše, kahoo e sebetsa joaloka sefi seo e-reng ha liphofu li tsamaea holim’a eona e li hulele holimo. Ebe sekho see se khona joang ho etsa tepo e khomarelang ka matla leboteng empa e tloha habonolo ha e le fatše ka mofuta o le mong oa sekhomaretsi?

Scaffolding silk

Ak’u Nahane: Sekho se khomaretsa tepo ea sona leboteng kapa holim’a siling, ka ho ohla likaroloana tsa silika tse bitsoang li-scaffolding disc tseo ho seng bonolo hore li khomarolohe ’me li matla hoo li sa phunyeheng ha liphofu tse fofang li li thula. Bafuputsi Univesithing ea Akron, Ohio, U.S.A., ba fumane seo, ka lehlakoreng le leng, likaroloana tsa silika tse khomarelang fatše—tse bitsoang li-gumfoot disc—li entsoe ka tsela e fapaneng ka ho feletseng. Likaroloana tsa li-scaffolding disc tse khomarelang li ngata ho feta tsa li-gumfoot disc, kahoo li etsa hore tepo e khomarolohe habonolo ebe e hula phofu leha e le efe e e hatang.

Gumfoot silk

Ho latela tlaleho ea litaba e tsoang Univesithing ea Akron, bafuputsi ba fumaneng mohlolo ona oa tlhaho “ba ntse ba leka ho etsa sekhomaretsi se khomarelang le ho khomarolloha habonolo feela joalokaha sekho sena se etsa.” Bo-rasaense ba na le tšepo ea hore ba tla qapa sekhomaretsi se ka sebelisoang ho khomaretsa li-bandage le masapo a robehileng.

U nahana’ng ka see? Na bokhoni ba sekho sa ka tlung ba ho etsa tepo e khomarelang ka matla le e tlohang habonolo ka mofuta o le mong oa sekhomaretsi, bo bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na bo entsoe?