Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA E ENTSOE?

Tsela eo Cicada e Hōlang ka Eona

Tsela eo Cicada e Hōlang ka Eona

CICADA ke kokoanyana e batlang e tšoana le tsie ’me e phela libakeng tsohle lefatšeng ntle le Antarctica. Leha ho le joalo, li-cicada tsa leboea-bochabela ho Amerika li ikhetha ka hore li hlaha ka nako e itseng feela ’me li hapile tlhokomelo ea bo-rasaense ba bangata.

Nahana ka sena: Li-cicada tse limilione tsa leboea-bochabela ho Amerika li bonahala nakong ea selemo ’me li phela libeke tse seng kae feela. Nakong eo e khutšoanyane ea bophelo ba tsona lia sola, li ithabise ka ho etsa lerata, li fofe, li ikatise ebe lia shoa. Ntho e makatsang ke hore li-cicada li phela lilemo tse 13 kapa 17, ho latela hore na li lula hokae. Likokoanyana tsee lia be li ntse li lutse kae?

E le hore re tsebe karabo, re lokela ho utloisisa tsela eo li-cicada li hōlang ka eona. Ha tse khōlō li e-na le beke li tsoetse ka ntle ho mobu, li etsa mahe a ka bang 400 ho isa ho a 600 ka har’a makala a lifate. Ka mor’a moo, lia shoa. Ka mor’a libeke tse ’maloa, mahe aa qhotsoa ebe kokoanyana e sa tsoa hlaha e oela fatše, e fata mobung ’me e lula ka tlas’a oona. Ha li le ka mobung li phela ka ho noa maro a methapo ea litlama-tlama ka lilemo tse itseng. Ka mor’a lilemo tse 13 kapa 17, cicada e hlahella ka holim’a mobu ebe le eona e etsa mahe.

Makasine e ’ngoe e buang ka pōpo e re bo-rasaense ha ba khone ho utloisisa tsela eo kokoanyana ena e hōlang ka eona. . . . Esita le hona joale, ba ntse ba leka ho utloisisa tsela e makatsang eo e hōlang ka eona. Ke e ’ngoe ea lintho tseo ho leng thata ho utloisisa tsela eo li leng ka eona.

U nahana’ng ka see? Na tsela eo cicada e hōlang ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa e entsoe?