Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA A ENTSOE?

Masiba a Emperor Penguin

Masiba a Emperor Penguin

EMPEROR PENGUIN e khona ho sesa ka lebelo le phahameng e be e tlōlele leqhoeng ka lebelo le makatsang. E etsa seo joang?

Lesiba la Emperor penguin

Ak’u nahane: Emperor penguin e koalla moea tlas’a masiba a eona. Sena se sireletsa nonyana ena serameng se kenellang masapong ebile se etsa hore e khone ho sesa ka lebelo le imenneng habeli kapa hararo ho feta kamoo e neng e ka sesa kateng. Joang? Litsebi tsa liphoofolo tsa leoatleng li nahana hore e etsa seo ka ho ntša lipululoana tsa moea pakeng tsa masiba a eona. Ha lipululoana tsena li tsoa, li etsa hore masiba ’ohle a eona a batalle e leng se thusang nonyana ena hore e eketse lebelo.

Se thahasellisang ke hore, baenjiniere ba ntse ba ithuta litsela tsa ho etsa hore likepe li khone ho tsamaea ka lebelo le phahameng ka ho sebelisa lipululoana ho etsa hore li tsamaee ka thello. Leha ho le joalo, babatlisisi baa hlokomela hore ho batlisisa ho ea pele ho ba thata hobane “masiba a nonyana ena a entsoe ka tsela e rarahaneng hoo ho sa khoneheng ho iketsetsa lera le masoba le tšoanang le masiba a nonyana eo.”

U nahana’ng ka see? Na masiba a emperor penguin a bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na a entsoe?