Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LI ENTSOE?

Litsebe Tse Lethoethoe Tsa Tšoele e Khōlō

Litsebe Tse Lethoethoe Tsa Tšoele e Khōlō

TŠOELE e khōlō e jang boka, e na le bokhoni ba ho utloa molumo o phahameng ho feta sebōpuoa leha e le sefe lefatšeng. Leha ho le joalo, litsebe tsa eona li lekana le hloohoana ea nale, ’me li bōpehile ka tsela e sa rarahanang.

Ak’u Nahane: Litsebi tse ngata li qetile lilemo li ithuta ka litsebe tse lethoethoe tsa tšoele ena. Morao tjena, bo-rasaense ba Univesithi ea Strathclyde, Scotland, ba ile ba hlahloba tsela eo e utloang ka eona ba sebelisa melumo e fapaneng. Ba ile ba lekanya ho thothomela ha meropa ea litsebe tsa eona le ho tlaleha se etsoang ke methapo ea eona ea kutlo. Meropa ea litsebe tsa eona e ne e thothomela leha e utloa molumo oa li-kilohertz tse 300. Ha ho bapisoa le seo, mankhane ona o khona ho utloa molumo oa li-kilohertz tse 212, litlhapi tsa li-dolphin li utloa molumo oa li-kilohertz tse 160 athe batho bona ba sitoa ho utloa molumo o ka holimo ho li-kilohertz tse 20.

Litsebi li lakatsa ho sebelisa tsela eo litsebe tsa tšoele ena li utloang ka eona mekhoeng e mecha ea theknoloji. Joang? Dr. James Windmill oa Univesithing ea Strathclyde o re: “Ka hore re etse li-microphone tse nyenyane le tse sebetsang hantle ka ho fetisisa. Re ka li kenya lisebelisoeng tse fapaneng tse kang, liselefouno le mechine ea litsebe e hōlisang molumo.”

U nahana’ng ka see? Na litsebe tse lethoethoe tsa tšoele e khōlō li bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na li entsoe?